Thupello ya Melawana ya Mopeleto le Karohanyo ya Mantswe Mongolong wa Sesotho

Moifo wa Naha wa Puo ya Sesotho e leng sebopeho sa Lekgotla la Dipuo Tsohle tsa Afrika Borwa (PanSALB) ka kopanelo le Lefapha la Thuto o tswile letsholo ho rupella matitjhere ka Bukana ya Melawana ya Mopeleto le Karohanyo ya Mantswe Mongolong wa Sesotho. Thupelllo e ne e tshwaretswe sekolong sa Lehutso, Seterekeng sa Fezile […]

Basebetsi ba Mafapha a Mmuso Freistata ba Rupelwa ka Puo ya Matsoho

Ofisi ya Provense ya Freistata ya Lekgotla la Dipuo Tsohle tsa Afrika Borwa (PanSALB) ka kopanelo le Ofisi ya Tonakgolo: Office of the Status of Persons with Disabilities e ile ya rupela basebetsi ba mafapha a mmuso a Freistata ka Puo ya Matsoho ka matsatsi  a mararo e leng la 25 – 27 Tlhakubele 2025. […]

Letsholo la Ditokelo tsa Botho tsa Puo la PanSALB Freistata

Ofisi ya Lekgotla la Dipuo Tsohle tsa Afrika Borwa (PanSALB) ka kopanelo le Ofisi ya Ditokelo tsa Puo ntlokgolo ya PanSALB e eteletsweng pele ke Ntate Jeffrey Nkuna e ne e tshwere letsholo la ditokoleo tsa botho tsa puo ka la 14 Tlhakubele 2025. Letsholo lena le ne le tshwaretswe hoteleng ya Willow Lake, Bloemfontein […]

Ditokelo tsa Puo ke Ditokelo tsa Botho

Afrika Borwa e ananela kgwedi ya Tlhakubele e le Kgwedi ya Ditokelo tsa Botho, mme sehopotso sa selemo sena se tshwarwa tlasa mookotaba wa ‘Dilemo tse Mashome a Mararo tsa Tlhompho le Phahamiso ya Ditokelo tsa Botho’. Molaotheo wa naha o tiisetsa baahi ba yona ditokelo tse mmalwa, mmoho le tokelo ya ho sebedisa puo […]

PITSO YA HO THONYA DITHO TSA MEIFO YA NAHA YA DIPUO (NLBs)

Lekgotla la Dipuo Tsohle tsa Afrika Borwa (PanSALB) le mema setjhaba, haholoholo batho ba sebetsang ka ditaba tsa thuto, botjhaba, setso, le mekgatlo ya setjhaba kapa ditheo tse nang le kgahleho dipuong ho thonya batho ba ka kgethwang ho ba ditho tsa Meifo ya Naha ya Puo (NLBs) ya PanSALB ya dipuo tsa semmuso (Sepedi/Sesotho […]