Ho bala ke ntho ya bohlokwa e nang le seabo se seholo sa ho hlabolla kelello. Basebetsi ba Lekgotla la Dipuo Tsohle tsa Afrika Borwa (PanSALB) Freistata ba bile teng moketeng wa ho kgakola Mokgatlo wa ho Bala wa Dipuo tsa Maafrika o neng o hlophisitswe ke Yunivesithi ya Freistata (UFS), Ditshebeletso tsa Laeborari le Lesedi UFS ka kopanelo le Mekgatlo ya Baithuti ba Dipuo tsa Maafrika (MBDM) khemphaseng ya Bloemfontein ka la 10 Mmesa 2025.
Mokete o ne o tsheheditswe ke mekgatlo e fapaneng ya baithuti e kenyelletsang mekgatlo ya dipuo tsa Sesotho, Setswana, Sepedi, isiXhosa, Xitsonga le Tshivenda. Letsatsi le ne le tletse ka menyanyakwe mme ho binwa dipina tsa mefutafuta ka dipuo tse fapaneng. Sepheo sa ho kgakola mokgatlo wa ho bala ke ho nnetefatsa hore lerato la ho bala le dula le tuka malakabe dipelong tsa baithuti ba Maafrika ka hara UFS. Hape, tshebediso ya dipuo tsa Maafrika ka hara diinstitjushene tsa thuto e phahameng e tlisa seriti le ho phahamisa maemo a dipuo tsena.

Sebui se ileng sa fana ka puo ke Mme Lusanda Nozizwe Madikane, Modulasetulo wa MBDM eo hape e leng Modulasetulo wa Mokgatlo wa Baithuti ba Maxhosa (MBM). O ile a fana ka puo ya sehlooho e neng e itshetlehile tabeng ya ho etsa hore dipuo tsa Maafrika di fumanehe ka mokgwa wa dijithale. O ile a hlalosa hore dipuo tse jwalo ka Sesotho, isiXhosa, jj. di salletse morao haholo inthaneteng. Mme Madikane o ile a bolela hore dipuo tsa Maafrika di hulanya maoto mme ha di bonahale ha ho tluwa ho seabo sa tsona ho Wikipedia. Diatikele tse ngotsweng ka dipuo tsa Maafrika ke tse mmalwa feela papisong le dipuo tse jwalo ka English, Afrikaans, French, jj.
Motsamaisi wa Provense ya PanSALB Freistata, Mme Nikiwe Matebula o fane ka molaetsa wa tshehetso moketeng ona, mme a hlalosa hore PanSALB e thehilwe ho latela karolo ya 6 ya Molaotheo wa naha. A bolela hore PanSALB ke institjushene e thehilweng ka maikemisetso a ho phahamisa botemengata le ho etsa hore ho be le ntshetsopele le tshebediso e lekanang ya dipuo tsohle tsa semmuso esitana le dipuo tse jwalo ka Khoe, Nama le San. O ile a hopotsa ba bileng teng hore Puo ya Matsoho ya Afrika Borwa (SASL) e se e le e nnngwe ya dipuo tsa semmuso mme a kgothaletsa hore baithuti ba sebedisang Puo ya Matsoho le bona ba mengwe e be karolo ya mokgatlo wa ho bala mme ba ka etsa dithothokiso ka Puo ya Matsoho.

UFS ke e nngwe ya diyunivesithi tse seng di qadile ka ntshetsopele ya dipuo tsa Maafrika le ho di phamisa ka ho nnetefatsa mareo a Sesotho a kang a Akhaonthing le Saekholoji. Baithuti ba ile ba eletswa hore ba sebedise monyetla ona wa mareo a teng ho ithuta ka Sesotho mme ba se ke ba nka hore ha o ithuta ka puo ya lapeng ha o bohlale. Baithuti ba tsebisitswe le ka Melawana ya Mopeleto le Karohanyo ya mantswe e fumanehang ka dipuo tsohle tsa semmuso websaeteng ya PanSALB e tla ba tataisa ha ba ngola hore dingolwa tsa bona e be tsa boleng bo botle. Mme Matebula o ile a thoholetsa Laeborari ya UFS ka ho tshehetsa baithuti mme a bolela hore le ngwahola ha ho ne ho ketekwa dilemo tse makgolo a mabedi tsa botjhaba le nalane e nonneng ya Basotho, Laeborari e ile ya sebedisana hantle haholo le PanSALB ka ho tshwara kholokhiamo ya Sesotho UFS le ho kgakola buka ya Sesotho.
Sebui se seng e ne e le Nompilo Gumede eo e leng moithuti mme Laeborari ya UFS e ile ya mo tshehetsa ho kgakola buka ya hae e bitswang ‘The Demon’s Wife’. Taba eo a e buileng ka baithuti ba bang ke hore ba ye ba bontshe ho se utlwisise hore hobaneng a rata puo ya hae ya lapeng e leng isiZulu eo a dulang a e bua ka dinako tsohle. Taba e kgothatsang haholo ke hore baithuti ba ikopantseng ho kgakola mokgatlo ona ba utlwisisa bohlokwa ba dipuo tsa lapeng le botjhaba ba bona.

Baithuti ba ile ba etsa dithokiso ka dipuo tse fapaneng mme UFS ha jwale e maikemisetsong a ho phatlalatsa pokello ya dithothokiso tsena tse ngotsweng ka puo ya Sesotho, Setswana, isiXhosa, isiZulu, Xitsonga, Tshivenda, le Sepedi. PanSALB e tla ba le seabo mosebetsing ona ka ho nnetefatsa hore dithothokiso tse ngotsweng ke baithuti bana ba fapaneng di hlaolwa diphoso pele di phatlalatswa. Phatlalatso ena e se eka e ka ba peo e tla nontsha bongodi ba baithuti ka dipuo tsa Maafrika.

Le ha kwana mokete o ne o keteka dipuo tse fapaneng tsa Maafrika, boholo ba mosebetsi wa letsatsi o ne o tsamaiswa ka puo ya English kaha ho ne ho se na ditoloko tse hlophisitsweng. Bonneteng feela, baithuti ba bontshitse lerato la bona le kgapatsehang dipuong tse fapaneng tsa Maafrika. Baithuti ba UFS ba ile ba thoholetswa ka lerato, tshehetso esitana le mekutu eo ba e etsang ya ho phahamisa maemo a dipuo tsa matswallwa. Ba re ha e duma, e ya tsamaya mme dipuo tse salletseng morao di se di tla palama terene e se e matha.
Ka Thapelo Lebona