Ka Selloane Khampepe
Ka la 16 Phuptjane, sebakeng sa Van Stadensrus, Tshebeletso ya Sepolesa sa Afrika Borwa (SAPS), ka tshebedisano le mekgatlo ya setjhaba, baetapele ba setjhaba, balekane ba bang le mafapha a lateng a mmuso: Lefapha la Ditshebeletso tsa Tlhabollo ya Batshwaruwa (DCS), Lefapha la Toka le Ntshetsopele ya Molaotheo (DoJ&CD), le Lefapha la Bophelo (DOH) ba ile ba tshwara letsholo la batjha. Lekgotla la Dipuo Tsohle tsa Afrika Borwa (PanSALB) le lona le bile le boemedi ho fana ka tshehetso diketsahalong tsa letsatsi. Letsholo lena le ne le reretswe ho ruta batjha ka dikotsi tsa tshebediso e mpe ya dithethefatsi, botlokotsebe le ho ba kgothaletsa ho ba le seabo dipapading e le tsela ya ho qoba ho tlola molao. Letsatsi la 16 Phuptjane ke letsatsi la naha la sehopotso sa boitelo ba batjha ba selemo sa 1976 ba ileng ba lwantsha maano a mmuso wa kgethollo o neng o qobella tshebediso ya puo ya Afrikaans e le puo ya ho ruta le ho ithuta.


Mosebetsi o ile la bulwa ka thapelo mme ha balwa temana ya Bibele. Lenanetsamaiso la letsatsi le ne le etelletswe pele ke Kaptene Leripa ya ileng a totobatsa bohlokwa ba ho keteka Letsatsi la Batjha e le lefa le siilweng ke bahale ba 1976. Kaptene Mofokeng, eo e leng Molaodi wa Seteishene sa Sepolesa sa Van Stadensrus, o ile a amohela baeti bohle ba ileng ba arabela memo. Motlatsi wa Modulasetulo wa Foramo ya Sepolesa sa Baahi ba Setereke (CPF), Ntate Monamodi, o ile a hlalosa sepheo sa letsatsi sa ho sebedisa dipapadi ho thibela batjha ho kena botlokotsebeng, ditlolong tsa molao le tshebedisong ya dithethefatsi.
Bona ke boikitlaetso bo botle haholo kaha ntwa ya batjha ba kajeno e fapane le ya batjha ba 1976. Ya bona ntwa e kenyelletsa tlhokeho ya mesebetsi e etsang hore batjha ba bangata ba iphumane ba kena dihlopheng tsa dithaka tse nang le tshusumetso e mpe kapa dihlopha tsa dinokwane hobane ba batla ho ba karolo ya sehlopha. Ka lehlakoreng le leng, dipapadi tsona di ka thusa hore ba ikutlwe e le karolo ya sehlopha ka mokgwa o motle.




Melaetsa ya tshehetso e ile ya fanwa ke mafapha le balekane ba fapaneng, ho kenyeletsa DoJ&CD, Lefapha la Thuto, Old Mutual le DCS. Ba ile ba kgothaletsa batjha ho qoba diketso tsa botlokotsebe le ho tsepamisa maikutlo bokamosong ba bona.
PanSALB e ne e na le tafole ya dipontsho eo ho yona setjhaba se ileng sa ba le monyetla wa ho iphumanela lesedi la hore PanSALB ke bomang ebile seabo sa bona ke sefe setjhabeng. Ntate Thapelo Lebona le Mme Selloane Khampepe ke bona ba neng ba fana ka lesedi mabapi le PanSALB bathong ba bileng le thahasello ya ho etela tafole ena ya dipontsho.
Baetapele ba setereke ba ile ba toboketsa hore batjha e be baetapele ba phetoho e ntle metseng ya bona. Ba ka ithuta sena dipapading kaha dipapading ho na le tsela eo ba lokelang ho itshwara ka yona, ho ikokobetsa, ho ikobela melao le tshebedisano.
Dipapadi tse neng di bapalwa di ne di akaretsa bolo ya maoto, netbolo, tjhese le volibolo. Ketsahalo ena e bontshitse hore dipapadi di ka thusa ho aha setswalle, boitshepo le dikamano tse ntle hara batjha, ha di ntse di ba sireletsa le bokamoso ba batjha hore e be bo batjhabileng.
Ka Selloane Khampepe



