Boitshetleho
THOMO LE BOITLAMO BO TSWANG MMUSONG
Ho ya ka Molao wa Lekgotla la Dipuo tsohle tsa Afrika Borwa (PanSALB), thomo ya PanSALB e tswa Molaong wa Motheo wa Rephablike ya Afrika Borwa (Karolo 6(5) (a) le (b) ya Molao wa Motheo wa Afrika Borwa), Molao wa PanSALB le Molao wa Tsamaiso ya Ditjhelete tsa Setjhaba (PFMA) (nomoro ya 29 ya 1999).
Thomo ya PanSALB ke:
PanSALB e theuwe ka 1995 ho ya ka Molao wa PanSALB wa 1995, o fetotsweng ka 1999. Boto e hlomamisitswe lekgetlo la pele ka 1997.
MAIKEMISETSO A PanSALB KE HO PHAHAMISA TSHEBEDISO YA DIPUO TSE NGATA AFRIKA BORWA KA:
DIPOPEHO TSA PanSALB
DIPOPEHO TSA PanSALB LE TEMA EO DI E KGATHANG
DIKOMITI TSA PUO PROVENSENG (PLCs)
Provense ka nngwe e na le Komiti ya Puo Provenseng ho eletsa Boto ntlheng efe kapa efe e amanang le puo diprovenseng ka ho fapana ebile di ikarabella ho beha leihlo tshebediso ya dipuo tse kgethuweng ke Mmuso wa Provense.
MEIFO YA NAHA YA PUO (NLBs)
Ho na le Moifo wa Naha wa puo bakeng la puo ka nngwe ya semmuso ho kenyelleditswe le Khoe, Nama, San mmoho le Puo ya matsoho (SASL) ho thusa PanSALB ka ntshetsopele ya dipuo tsena. Popeho ena e na le matla a makgaolakgang ho tse mabapi le ho netefatsa boleng ba puo ho kenyelleditswe le ho tsepamiswa ha yona, mongolo wa yona le ka moo matshwao le melao ya mopeleto a lokelang ho ba ka teng.
DIYUNITI TSA NAHA TSA LEKSIKHOGRAFI (NLUs)
Ho na le NLU bakeng la puo ka nngwe ya semmuso mme di ne di thehwe ho hlahisa di-dikshenare le dihlahiswa tse ding tsa leksikhografi. Di-NLU ke dikhamphani tsa Karolo ya 21, mme di fumaneha ditheong tsa thuto tse phahameng dibakeng tseo bongata ba batho ba buang dipuo tsa sebaka seo ba fumanehang teng.
DITOKELO TSA PUO LE HO KENA DIPAKENG
Tema e kgathwang ke karolo ena ke ho etsa diphuputso mabapi le ho hatikelwa ha ditokelo tsa puo le ho phatlalatsa dipheto tsa komiti e shebaneng le diphuputso tsena ka sepheo sa ho elelliswa setjhaba hore ho tle ho kgothalletswe ho phahamiswa ha tshebediso ya dipuo tse ngata mafapheng ohle a mmuso ka tsela e phethahetseng ya ho sirelletswa ha ditokelo tsa puo.
PUO THUTONG
Tema e kgathwang ke karolo ena ke ho etsa hore ho be le boemo bo botle bakeng la ntshetsopele ya tshebediso ya dipuo tse ngata ditheong tsa thuto.
NTSHETSOPELE YA THEMINOLOJI (MAREO)
Tema e kgathwang ke karolo ena ke ho ntshetsa pele, ho tsamaisa, ho tsepamisa le ho tsebahatsa theminolji e ntjha yadipuo tse neng di kotetswe pele le Afrikaans, mmoho le ho fana ka tataiso ya melao ya mopeleto le mongolo.
NTSHETSOPELE YA DIPHUPUTSO
Ho ya ka Molao wa PanSALB, Boto e lokela ho simolla boithuto le diphuputso tseo sepheo ka tsona e leng ho theha boemo ba kgothalletso le ntshetsopele ya dipuo tsohle tsa semmuso tsa Rephablike, dipuo tsa Khoe, Nama le San mmoho le Puo ya matsoho (SASL). Ka hoo; karolo ena e thusa Boto ho lekola ka mehla mawala a yona kapa diketsahalo tse mabapi le ntshetsopele ya puo mmoho le ho kgothalletswa ha tshebediso ya dipuo tse ngata naheng.
NTSHETSOPELE YA DINGOLWA
Tema e ka sehloohong ya karolo ena ke ho theha boemo ba kgothalletso le ntshetsopele ya dingolwa ka dipuo tsohle tsa semmuso.
DIOFISI DIPROVENSENG
Boto e ile ya theha diofisi diprovenseng tsohle tse robong ho phatlalla le naha hore e tle e fihlelle maikemisetso a yona diprovenseng ka ho fapana. Diofisi tsena di moo ho hokahanya diketsahalo tsa PanSALB provenseng ka nngwe.
Ponelopele, Sepheo le Makgabane
Ponelopele ya PanSALB
Ho ba bahlokomedi ba bojalefa ba dipuo ka ho tshirelletsa, ho phethahatsa, ho phahamisa le ho baballa ntshetsopele ya dipuo tsohle tsa Afrika Borwa mmoho le dipuo tsa Khoe, Nama le San mmoho le Puo ya Matsoho ka maikemisetso a ho fihlella setjhaba se sebedisang dipuo tse ngata e le ka nnete
Sepheo ka PanSALB
Re tla fihlella sepheo sa rona ka ho baballa setjhaba sa rona sa Afrika Borwa sa dipuo se fapafapaneng, ka:
Ho fana ka dipopeho tsa tshehetso tse anetseng ho netefatsa hore lekgotla le tsepamisa maikutlo a lona a sehlooho mesebetsing ya puo ho fihlella sepheo se rerilweng le maikemisetso a lona a mawala
Ditshebeletso
Ditshebeletso tsa PanSALB (Lekgotla la Dipuo tsohle tsa Afrika Borwa)
Maikemisetso
Maikemisetso
Maikemisetso
Maikemisetso
Maikemisetso
Maikemisetso
Maikemisetso
Maikemisetso
Maikemisetso a Lekgotla la Dipuo tsohle tsa Afrika Borwa ke ho phahamisa tshebediso ya dipuo tse ngata Afrika Borwa ka:
Makgabane a PanSALB
Makgabane Metheo ya tshebetso
Re kgannwa ke boleng
Re tsepamisa maikutlo dihlahisweng tsa boleng tshebetsong ya rona.
Re tsepamisa maikutlo hodima boleng ba tshebediso ya puo.
Re tsepamisa maikutlo hodima boleng ba dihlahiswa molemong wa puo bakeng sa dipuo tsohle tsa semmuso tsa Afrika Borwa le Khoe, Nama, San mmoho le Puo ya Matsoho.
Tlhompho Re hlompha basebetsimmoho ba rona PanSALB.
Re hlompha dipuo tsohle tse sebediswang Afrika Borwa ebile re dumela hore ke tokelo ya tsona ya Molao wa Motheo ho sebediswa ka tekatekano le ho tshwarwa ka ho lekana.
Re hlompha dipuo tsa baahi bohle Afrika Borwa.
Re hlompha bakgathatema ba rona.
Botshepehi Re a tshepahala ditshebetsong le diketsahalong tsohle tsa rona.
Re a tshepahala ditlalehong le dikgokahanyong tsa rona.
Boikarabelo Re ikarabella bathong bao re ba thusang, bakgathatemeng le ho basebetsimmoho diketsong tsa rona.
Ponaletso Re dumela hore re lokela ho bua phatlalatsa re sa pate letho.
Tsohle di pepeneneng mosebetsing wa rona.
Re a bonaletsa ditlalehong tsa rona.
Re sebedisana ka nnete le di-NLU, di-PLC le di-NLB le bakgathatemeng ba bang.
Ha re pate letho tshebedisanong ya rona le baahing ba buang dipuo.
Botshepehi Re a tshepahala ho tsohle tseo re di etsang.
Re sebedisana ka tlhompho.
Re sebetsa ka botshepehi ho tsohle tseo re di etsang.
Makgabane a Molao wa Motheo (ho ya ka karolo ya 181 ya Molao wa Motheo)
Makgabane Metheo ya tshebetso
Ikemetse Re mokgatlo o ikemetseng o tlangwang feela ke Molao wa Motheo le Molao.
Re nkela boikemelo ba rona hodimo jwalo ka mokgatlo mme re ikemiseditse ho nka mehato e hlokehang ho bo tshirelletsa.
Re etsa mosebetsi wa rona ntle le tshabo kapa leeme.
Ha re dumelle ho itshunyatshunya mokgatlong wa rona jwalo ka mokgatlo o itshetlehileng ka Molao wa Motheo mme re tla nka mehato e tshwanetseng ho shebana le seo.
Re tsitlallela ho ikamahanya le dipehelo tsa Molao wa Motheo tse amanang le PanSALB mme re lebelletse hore bakgathatema ba bang ho etsa ka mokgwa o tshwanang.
Seriti Re ikemiseditse ho tshirelletsa seriti sa mokgatlo wa rona.
Re lebelletse ho hlomphuwa ke bakgathatema ba bang.
Tshebetso e ntle Re tla nka matsapa hore re be mokgatlo o sebetsang ka ho phethahala.
Re lebelletse hore mekgatlo e meng ya mmuso e re sirelletse mme e re thuse hore re tle re be mokgatlo o sebetsang hantle.
Thomo ya leano ya molao le dithomo tse ding
Karolo ya 6(5) (a) ya Molao wa Motheo wa Rephablike ya Afrika Borwa (Karolo 6(5) e baleha ka mokgwa ona:
Lekgotla la Dipuo tsohle tsa Afika Borwa le theuweng ke molao wa naha le lokela ho –
(a) phahamisa le ho theha boemo ba, ntshetsopele le tshebediso ya –
(i) dipuo tsohle tsa semmuso
(ii) dipuo tsa Khoe, Nama le San; le
(iii) Puo ya Matsoho
(b) kgothalletsa le ho netefatsa ho hlomphuwa ha –
(i) dipuo tsohle tse sebediswang ke setjhaba sa Afrika Borwa, ho kenyelleditswe German, Greek, Gujarati, Hindi, Portugese, Tamil, Telegu le Urdu; le
(ii) Arabic, Hebrew, Sanskrit le dipuo tse ding tse sebediswang bakeng sa bodumedi Afrika Borwa.
Sejule ya 6 Karolo ya 20 (h) ya Molao wa Motheo e hlalosa PanSALB e le setheo sa malaotheo.
Karolo ya 181 ya Molao wa Motheo e bua tse latelang mabapi le ditokelo tsa mekgatlo e theuweng ho ya ka Molao wa Motheo:
Thomo ya leano
Hodima Molao wa Motheo le Molao wa PanSALB, Melawana ya Meifo ya Naha ya Puo (NLBs) mmoho le ya Dikomiti tsa Puo Provenseng (PLCs) e phatlaladitsweng Lesedinyaneng la Mmuso e leng Tsebiso ya Boto ya 92 ya 2005 le Tsebiso ya Boto ya 94, e phatlaladitsweng ka 30 Loetse 2005. Diyuniti tsa Naha tsa Leksikhografi (NLU) di buswa ke Dimemorandamo le Ditokomane tse hlalosang tsamaiso ya khamphani.