Ka Rethabile Motshoeneng
Komiti ya Potefolio ya Dipapadi, Bonono, Botjhaba le Boikgathollo (SACR) ya Gauteng e ile ya tshwara kopano ka la 14 Motsheanong 202 Lekgotleng la Ketsamelao la Gauteng, mabapi le ho ikobela molao, ho tlaleha, le ho etsa meralo bakeng sa selemo sa ditjhelete sa 2025/26 le 2026/27. Ka nako ya seshene ena, Ofisi ya PanSALB ya Provense ya Gauteng le Komiti ya Puo ya Provense ya Gauteng (GPLC) di ile tsa fana ka nehelano e bontshang kamoo mmuso wa provense le wa lehae o ikobelang Molao wa Puo wa Provense ya Gauteng. Kopano e ile ya tsamaiswa ke Mohlomphehi Disego Tlebere, mme Ngaka Maepa o fane ka nehelano a emetše GPLC e le Motsamaisi e Moholo wa Provense wa PanSALB.
Nehelano e hlalositse thomo ya GPLC, ditlhoko tsa ditlaleho tsa selemo, le diphetho tse bontshang hore molao o latetswe.
Ka nako ya tlaleho ya 2025/26, mafapha a mmuso a 8 le bomasepala ba 5 Gauteng ba rometse ditlaleho, empa mafapha a 7 le bomasepala ba 6 ha ba a romela. Sena se bontsha kgatelopele papisong le selemo sa ditjhelete sa 2024/25, moo e neng e le mafapha a 3 le bomasepala ba 3 feela ba ileng ba romela ditlaleho, le selemo sa ditjhelete sa 2023/24, moo mafapha a 6 le masepala a le 1 ba ileng ba romela ditlaleho. Lekgetlo la ho qetela ha makala a mmuso a 13 a ne a rometse ditlaleho e ne e le ka selemo sa ditjhelete sa 2022/23.
Dinehelano di bontshitse ha mafapha a robong a mmuso wa provense, ho kenyeletsa le SACR, le bomasepala ba bahlano ba na le maano a puo. Ka kakaretso, maano a leshome a se a amohetswe, mme a mane a ntse a ngolwa.




Nehelano e ile ya hlalosa mathata a amang ho ikobela molao, a kenyeletsang batho ba sa yeng dikopanong tsa foramo ya puo,ho hloka basebetsi le tjhelete e sa lekanang, e le tse etsang hore ho be thata ho theha diyuniti tsa puo. Hona jwale, ke mafapha a mane feela le masepala a le mong a nang le diyuniti tsa puo.Mabaka a ho dieha a kenyeletsa ho se tsebe hore diyuniti di lokela ho bewa kae, botsamaisi bo sa bontsheng thahasello ya diyuniti tsa puo,ho sebedisa batho ba kantle ho etsa mosebetsi,le ho dieha ho hira ditsebi tsa puo.
Komiti ya potefolio e ile ya thoholetsa PanSALB le GPLC ka nehelano e fanang ka lesedi le kgatelopele e entsweng ho tloha selemong sa ditjhelete se fetileng. Komiti ya potefolio e dumellane ho buisana ka tlaleho ena kopanong e ikgethang le ho fana ka dikgothaletso. Ba itlamme hape hore ba tla sutumetsa mafapha hore a latele molao, haholoholo a tswellang ho se o latele.



