Moifo wa Naha wa Puo ya Sesotho e leng sebopeho sa Lekgotla la Dipuo Tsohle tsa Afrika Borwa (PanSALB) ka kopanelo le Lefapha la Thuto o tswile letsholo ho rupella matitjhere ka Bukana ya Melawana ya Mopeleto le Karohanyo ya Mantswe Mongolong wa Sesotho. Thupelllo e ne e tshwaretswe sekolong sa Lehutso, Seterekeng sa Fezile Dabi ka la 1 Phupu 2025 ka kopanelo le Lefapha la Thuto la Freistata. Moeletsi wa Puo Seterekeng ya thusitseng ka ditlhophiso ke Mme Mahlape Ntlou. Dikolo tse neng di emetswe ke matitjhere a Sesotho ke tsa dibaka tse latelang: Kroonstad, Sasolburg, Parys, Koppies. Deanesville, Steynsrus, Viljoenskroon, Heilbron le tse ding.

Mosebetsi o qadile hantle ka nako mme Mme Ntlou o ile a amohela bohle ba teng. Lekgotla la Dipuo Tsohle tsa Afrika Borwa le ne le emetswe ke Mme Nikiwe Matebula ha ditho tsa Moifo tse entseng dinehelano e le Ngk. S. Motsei le Ngk. Mahlasela. Mme M. Lisene eo e leng Moeletsi wa puo wa Lefapha la Thuto Seterekeng sa Lejweleputswa o ile a bua ka dikgwedi tsa selemo tsa Sesotho le diphetoho tse entsweng tsa mopeleto.

Mme Matebula o buile ka thomo ya PanSALB le dibopeho tsa yona mme a kgothaletsa Matitjhere ho rata Sesotho le ho ruta bana puo ka lerato. A bolela hore matitjhere a dipuo a bohlokwa haholo ho ruta bana ho bala le ho ngola. A toboketsa bohlokwa ba ho ba motlotlo ho ruta Sesotho le ho se ruta ka bokgabane jwalo ka ha dithuto tse ding tse fapaneng leha ho na le batho ba nyatsang Sesotho, matitjhere ona a dule a se boulella.

Ngk. Motsei o ile a hlahlella Matitjhere ka mokgwa o motle wa ho ruta bana qapodiso ya mantswe hore ba tle ba tsebe ho a ngola. Keletso eo a faneng ka yona ke hore Matitjhere a sebedise dibuka tsa kgale tse nang le tataiso e ntle ya ho bala. O hlalositse nteterwane ya Sesotho ka botebo mmoho le medumotshwano le mepeletotshwano. Ngk. Mahlasela yena o buile ka molemo le monyetla wa ho tseba dipuo tse pedi ka botlalo e leng se mo tswetseng molemo jwalo ka mongodi le Morupelli boemong ba Yunivesithi. Nehelano ya hae e ne e itshetlehile haholo melaong ya mongolo le karohanyo ya mantswe.
Diqholotso tsa ho ruta Sesotho
- Matitjhere ha a fumana thupello ya difonetiki hore ba tle ba tsebe ho ruta bana medumo hantle hore ba tle ba tsebe ho bala le ho ngola.
- Matitjhere a Thuto ya Motheo a etsa diphoso tse ngata ha a ruta bana mme ha a rate ho lokiswa. Sena ke se seng sa mabaka a etsang hore bana ba se ke ba tseba ho bala.
- Matitjhere a boletse hore mopeleto wa Lesotho le wa Afrika Borwa ke qholotso mantsweng a kang ‘Sechaba’ kapa ‘Setjhaba’ mmoho le ‘Lineo’ le ‘Dineo’ le a mang.
- Dibuka tsa Thuto ya Motheo tsa Thuto ka Dipuo tse Pedi e Thehilweng Puong ya Lapeng ho sebediswa maadingwa a kang ‘theibole’ empa ho ntse ho na le lereo le teng la Sesotho e leng tafole. Ngongoreho e bile hore bana ba tlo qetela ba ferekana ba sa tsebe hore lereo le nepahetseng ke lefe. Le leng ke ‘khyube’ empa lereo la Sesotho le le teng le bitswang lebokoso.

Thupello ena ya PanSALB e thusitse matitjhere ho utlwisisa difonetiki mme ba eleditswe ho sebedisa dibuka tsa kgale tse kang Ntataise le Mmampodi ho thusa bana ho bala le ho ngola. Taba ya hore ha di tsamaisane le kharikholamo e leng CAPS ha se ya bohlokwa hobane ke disebediswa tse ntle ho tataisa matitjhere.
Matitjhere a lokela ho tseba phapano ya mongolo wa Lesotho le Afrika Borwa. Mabitsobitso ke ona feela a ka ngolwang ka mongolo wa Lesotho haholoholo ao e leng mabitso le difane tsa batho. Ha ho ngolwa Sesotho sa Afrika Borwa ‘tjh’ ke mopeleto o hlakileng o lokelang ho ngolwa mme ho tla ngolwa Sechaba feela ha e le lebitso la motho. Ditlhaku ‘d’ le ‘l’ di a fapana mme le qapodiso ya ditlhaku tsena e a fapana mme Lineo e nepahetse ha feela e le lebitso la motho empa lentswe ‘dineo’ ka kakaretso le ngolwa ka ‘d’ le ‘dimpho’, jj.

Matitjhere a lokela ho ikopanya, ho sebedisana le ho eletsana molemong wa bana. Ho na le Dikomiti tsa Profeshenale tsa ho Ithuta, Professional Learning Committes (PLC) tse ka akaretsang matitjhere a fapaneng, dirutehi, batho ba badileng le ha ba sa ruteha haholo bao e ka bang bonkgono ba tsebang dipale ho tlisa phetoho setjhabeng le ho thusana ka taba ya puo.

Matitjhere a kopuwe ho bula dipelo ho utlwisisa phapano dipakeng tsa Sesotho e le puo e rutang le puo e tla sebediswa ha ho rutwa Mmetse. Mmetseng ‘khyubu’ le ‘lebokoso’ ha se ntho e le nngwe, ‘khyubu’ e na le mahlakore a mangata mme ho sebedisa lereo ‘lebokoso’ ho ka ritsisa moelelo. Maadingwa ohle a tla hlalosetswa bana ka puo ya bona ya lapeng. Moeletsi wa MTbBE wa Mmetse ya ileng a fihla ka nako ya thupello o ile a kotjwa ho ba le dikopano kgafetsa le Matitjhere ho hlalosa mareo a Mmetse hore a fapana ka mokgwa ofe le puo e tlwaelehileng.
Ha mosebetsi o phethelwa matitjhere a kopile hore dithupello tsa mofuta ona di tle di tshwarwe kgafetsa mme ho mengwe matitjhere ohle a rutang puo sekolong, ho se kgethwe a mmalwa feela. Matitjhere a ile a tlotla mosebetsi wa PanSALB mme ba boletse hore ba ithutile tse ngata haholo.

Ka Nikiwe Matebula



