Lekgotla la Dipuo Tsohle tsa Afrika Borwa (PanSALB) Freistata le ne le menngwe kgakolong ya morero wa Lefapha la Thuto hore bana ba rutwe ka dipuo tse pedi mme motheo wa thuto ena e be puo ya lapeng. Kgakolo e ne e tshwaretse sekolong sa Tharollo, Qwaqwa: Bluegumbosch ka la 30 Phupjane 2025. Mosebetsi ona o ne o le moholo haholo mme ho ne ho menngwe batho ba makgolo a mahlano e leng marena a hlomphehileng ka ditulo tsa bona ka ho fapana, batswadi, Matitjhere, ditho tsa Makgotla a Taolo ya Dikolo (SGBs), jj. Mosebetsi o ne o rerilwe ke Setho sa Lekgotla la Phethahatso, Ngaka M.J. Maboya mme sehlooho e le ‘Re kgutlisetsa Matla a ho Ruta ka Puo ya Lapeng’. Maikemisetso e ne e le ho tsebisa batswadi le setjhaba Seterekeng sa Thabo Mofutsanyana hore bana ba tla rutwa ka puo ya lapeng ho tloha kereiti ya bone ho ya dikereiting tse ding kaha nako e fetileng, bana ba ne ba ntse ba rutwa ka English feela ho tloha kereiti ya bone.

Majoro wa Phethahatso wa Masepala wa Maluti a Phofung, Mme Melato o ile a bula mosebetsi le ho amohela bohle ba neng ba phuthehile. Ntate Montso, Molaodi Kakaretso ya Tshwereng Mokobobo Lefapheng la Thuto o ile a hlalosa sepheo sa kopano ha Ngk. Galane wa Lefapha la Thuto ya Motheo a ile a bua ka molao o laolang Thuto ka Dipuo tse Pedi e Thehilweng Puong ya Lapeng. Profesa Phindane wa Yunivesithi e Bohareng ya Theknoloji eo e leng setsebi sa Boithutopuo le Puo Thutong o buile ka boleng ba ho ruta ka puo ya lapeng. O ile a bolela hore ha a utlwisise hobaneng Afrika Borwa ho ile ha engwa dilemo tse mashome a mararo pele bana ba rutwa ka dipuo tsa bona tsa lapeng.




Mme Nikiwe Matebula, Motsamaisi ya ka Sehloohong wa PanSALB Freistata o buile ka dibopeho tsa PanSALB e leng Meifo ya Naha ya Dipuo, Dikomiti tsa Dipuo Provenseng le Diyuniti tsa Naha tsa Leksikhografi le thomo ya tsona. A bua ka tletlebo e kgolo ya baahi ba Afrika Borwa ya hore mmuso wa Afrika Borwa o sebedisa English haholo ho feta dipuo tsohle tse ding tse leshome le metso o le mong tsa semmuso. A bolela hore provenseng ya Freistata dipuo tsa semmuso di tsheletse ho latela Molao wa Tshebediso ya Dipuo Freistata empa ho ntse ho sebediswa English haholo, mme ditokomane tse ngata le dimasepaleng di ngolwa ka English. O ile a tsebisa bohle ka dibukana tsa melawana ya mopeleto le karohanyo ya mantswe mongolong tsa PanSALB tse fumanehang ka dipuo tsohle tsa semmuso.

A bua ka lenyatso la dipuo tsa matswallwa dikolong le lenyatso la matitjhere a rutang dipuo tsena ha Matitjhere a rutang English a nkelwa hodimo. Lenyatso lena le bonahala le moo batho ba se nang mangolo a dipuo ebile ba sa di tsebe ba dumellwa ho di ruta dikolong. A bolela hore batswadi ba bang ba ne ba botsa hore ha bana ba rutwa ka dipuo tsa lapeng dikolong ebe ba tla fumana monyetla wa ho ithuta ka dipuo tsa bona tsa lapeng le diyunivesithi na. O hlalositse hore ho se ho na le mareo a seng a fumaneha diyunivesithi ka dipuo tse fapaneng mme puo e itlhommeng pele ka mareo a fumanehang a ka bang miliyone ka palo ke Yunivesithi ya KwaZulu-Natal. A bolela hore Yunivesithi ya Freistata (UFS) le Yunivesithi e Bohareng ya Theknoloji le teng ho se ho na le mareo a fapaneng a fumanehang ka Sesotho. A tswela pele ka hore moithuti wa UFS o ile a bolela hore ha mareo a Akhaonthing a ngotsweng ka Sesotho a ne a phethetswe ha a ne a qala dithuto tsa hae selemong sa pele, ekabe a sebeditse hantle haholo hobane a ne a tla be a ithuta ka puo ya lapeng.

O tsebisitse bohle hore boemong ba yunivesithi, Ngaka N. Kapa o ile a ngola lengolo la hae la Bongaka Yunivesithi ka puo ya isiXhosa. Ngaka Mantsha Modiba le yena o ngotse lengolo la Bongaka ka Sesotho sa Leboa ha isiZulu e le puo e seng e rutwa yunivesithi ya Russia ka tshebedisano le Yunivesithi ya Afrika Borwa, Unisa. Boemong ba yunivesithi hape selemo se fetileng sa 2024 ha ho ne ho ketekwa dilemo tse makgolo a mabedi tsa mongolo wa Sesotho, ho ile ha tshwarwa kholokhiamo ya Sesotho ho buuwa Sesotho feela Yunivesithi ya Freistata. Ho ne ho menngwe marena a Afrika Borwa le a Lesotho mme ha buuwa ka nalane ya mongolo le ya setjhaba sa Basotho mme bohle ba ithuta hore Mofumahadi Manthatisi e ne e le Molaodi wa mabotho ya tjhatsi wa Setjhaba sa Batlokwa eo dikepe tse mathang tlasa mpa ya lewatle di ileng tsa rehella se seng sa dikepe ka yena – SAS Manthatisi (S101). Profesa Mabusela le yena dithuto tsa hae tsa Enjiniering ya Dikhemikhale o e ngotse ka isiXhosa mme kgutsufatso ya dithuto tsa hae e ile ya balwa ka isiXhosa lekgetlo la pele Yunivesithi ya Theknoloji ya Cape Peninsula.

Puo ya sehlooho e entswe ke Ngk.Maboya moo a kgotheleditseng batswadi le setjhaba ka kakaretso ho tshehetsa morero ona o motle wa Lefapha la Thuto wa ho busetsa matla a ho rutwa ka puo ya lapeng hore bana ba tle ba sebetse hantle dithutong tsa bona. O boletse hore re ile ra kgahlwa ke Sekgowa re sa tsebe hore se a re dihela ha dinaheng tse ding batho ba tswela pele ho ithuta ka dipuo tsa lapeng. Matitjhere a amohetse ditaba tsena mme moemedi wa Matitjhere o boletse hore a ka thaba haholo ha diphetho tsa bana di ka ba ntle. Hlooho ya Lefapha la Thuto e leng Advokheiti Malakoane o ile a toboketsa hore English ha se maemo mme dipuo tsa rona di mading a rona.

Lenanetsamaiso le ne le ngotswe ka Sesotho mme ditsamaiso tsohle di ne di le ka Sesotho kaha bamemuwa e ne e le Basotho. Lefapha la Thuto Freistata le ne le entse mosebetsi o motle haholo ho thusa batswadi ho utlwisisa bohlokwa ba hore bana ba ithute ka dipuo tsa lapeng.
Ka Nikiwe Matebula



