Ka la 8 Loetse 2025, ka hora ya bo robong (09:00) hoseng Yunivesithi ya Freistata (UFS) e ile ya tshwara keteko ya dilemo tse mashome a mabedi ya ditshebeletso tsa botoloki. Keteko ena e ne e tshwaretswe moahong wa Akhademi ya Botemengata, khempaseng ya Bloemfontein. Ho ne menngwe batho ba fapaneng ba kenyelleditseng baithuti ba kgale le ba moraorao bao e leng Ditholo, ditoloko tse neng di fana ka dithebeletso tsa ho toloka le ditoloko tsa baithutwana, barupelli ba Puo ya Matsoho (SASL), Batsamaisi ba Yuniti e Tshehetsang Baithuti ba nang le Boqhwala, le Mme Nikiwe Matebula ho tswa ofising ya Freistata ya Lekgotla la Dipuo Tsohle tsa Afrika Borwa (PanSALB) le ba bang.

Mosebetsi o ne o tsamaiswa ke Mme E. Matabane eo eleng Setholo a bile a sebetsa UFS e le morupelli wa SASL. Mosebetsi o ile wa bulwa ka ho amohela batho bohle ba teng le dubui tse ikgethileng tse neng di memilwe.
Motlatsi wa Molaodi wa Centre for Universal Access and Disability Support (CUADS) Mme Martie Miranda o ile a fana ka nalane le tshusumetso ya ditshebeletso tsa botoloki. O hlalositse hore keteko ya mokgwa ona ke ya pele UFS. A boela a bua ka tatelano ya diketsahalo tsa nalane ya botoloki ba Puo ya Matsoho hore Yunivesithi e ne e hloka ditoloko tsa dipuo tse buuwang kapa tse ngolwang ka mora hore ho be le tokoloho Afrika Borwa. Yaba ho ba le nako eo ho bang le tlhokeho ya ditoloko tsa Puo ya Matsoho.

Yunivesithi e ile ya qala thuto (course) e rutang baithuti Puo ya Matsoho yaba kamora moo ho thehwa CUADS mme moithuti wa pele ya sebedisang Puo ya Matsoho o ile a ingodisa yunivesithing. Kaha ditoloko di ne di le siyo, moithuti ya neng a ntshetsa dithuto tsa hae pele a etsa Masters dithutong tsa Mahlale a Dipuisano, a hirwa e le yena toloko ya hae hobane moithuti eo o ne a ithutile le Puo ya Matsoho. Ha nako e entse e ya, ha hirwa Toloko ya pele ya nako tsohle mme ka mora hore moithuti eo a phetele dithuto tsa hae, UFS e ile ya ba yunivesithi ya pele ya ho kenya Puo ya Matsoho maanong a yona. Yaba ditoloko di qala ho sebetsa di le pedi ka ho fapanyetsana ka hare ho diphaposi tsa borutelo le ha feela ditoloko tse ngata e ne e le tsa nakwana.
Ho ne ho le thata ho fumana ditoloko tse se nang mangolo a botoloki kaha boholo ba bona e ne e le ditoloko tsa setjhaba. Sena e ne e le bothata hobane puo ya yunivesithi ke ya boemo bo phahameng. Qetellong, Puo ya Matsoho e ananelwang e le engwe ya dipuo tsa semmuso tsa Afrika Borwa.

Mme Miranda a phethela puo ya hae ka hore kaha Puo ya Matsoho e se e le puo e nngwe ya dipuo tsa Afrika Borwa tsa semmuso, tlhokeho ya ditoloko e tla eketseha. Ditholo nako e ngata ha di fumane thuto ya boemo bo phahameng ka lebaka la tlhokeho ya ditoloko ditsing tsa thuto e phahameng.
Mme Modiegi Njeyiyane eo e leng Setholo, o ile a etsa dithothokiso ka Puo ya Matsoho. O ruta puo ya Matsoho Yunivesithing ya Stellenbosch, hape o ntse a ithutela dithuto tsa hae tsa Bongaka tsa thuto ya puo. O fane ka puo ya sehloho ya letsatsi mme a tsepamisa maikutlo a hae ntlheng ya hore ha se dikolo kaofela tsa Ditholo tse sebedisang Puo ya Matsoho. Matitjhere a ntse a sebedisa mokgwa wa kgale wa ho ruta e leng wa ho bua le ho sebedisa le Puo ya Matsoho ka nako e le nngwe. Sena ke bothata hobane bana ba bangata ba Ditholo ha ba utlwe ha Matitjhere a bua ebile ha ba utlwisise mosebetsi wa bona wa sekolo, e leng yona taba e etsang hore bana ba bangata ba se kgone ho phethela dithuto tsa bona tsa Metriki hore ba tle ba kgone ho ntshetsha dithuto tsa bona pele diyunivesithing le dikholejeng. A hlalosa le hore thuto ya Puo ya Matsoho ha e tshwane le thuto ya puo e buuwang kapa e ngolwang. A toboketsa hore Puo ya Matsoho e na le botjhaba le setso sa yona. A bolela hore taba e tshwenyang ke hore Ditholo ha di mengwe ho etsa diqeto tse ba amang jwalo kaha ba tseba botjhaba ba bona, le ha ba sa kgone hore ba ntshetse dithuto tsa bona pele.

Mme Njeyiyane a boela a hlalosa hore ho fapana le boqhwala bo bong hobane botholo bo thotse hobane ha ba kgone ho bua hore lentswe la bona le ultwahale mme ka lebaka leo, batho ha ba mamele ditlhoko tsa bona. Ha ho le jwalo, Ditholo di shebahala e le batho ba nang le kgalefo le temalo maikutlong. Kgalefo eo ya bona e bonahala haholo e lebisitswe ho batho ba utlwang ka lebaka la hore puo ha e tshwane mme ho ba ba le dikgohlano ka hore batho ba utlwang ba be ba sa ba utlwisise ebile ba sa bone Puo ya Matsoho e le puo e phethahetseng. Kgalefo eo le temalo eo e tloha bonyenyaneng ba bona kaha bana ba bangata ba Ditholo ba tswa malapeng ao batswadi eseng Ditholo ebile ditlhoko tsa bona di sa ananelwe.

Ho ile ha latela karolo ya dipotso moo batho ba neng ba le teng ba botsa dipotso le tlhakisetso ho tseo Mme Njeyiyane a buileng ka tsona. O ile a araba dipotso ka ho hlolosa dintlhla tse latelang:
- Ditlhoko tsa baithuti ba Ditholo ha di tshwane ka hore ba bang ba hloka ditoloko ka dinako tsohle hore ba tle ba kgone ho tswela pele dithutong tsa bona, ha ba bang ba sa hloke ditoloko tsa dinako tsohle. Diyunivesithi di lokela hore di kgone ho fihlella ditlhoko tsa baithuti bao kaofela.
- Ditoloko tse ngata di hloka hore di rutwe ka setso sa Ditholo kaha e le bona ba tshepetsweng ho nnetefatsa hore Ditholo le dibui tsa dipuo tse ding ba utlwane ho leka ho fokotsa dikgohlano mahlakoreng ka bobedi.
- A hlalosa hore tsela eo ho ka kgonahalang hore Ditholo di se ke tsa ba le kgalefo, ke ha ho ka etswa hore ba kgone ho ba le phihlello ya di tshebeletso tsa ho thoba maikutlo ka puo ya bona. Le hore batho ba utlwang le bona ba amohele karolo eo ba e bapetseng ho etsa hore ba be le kgalefo eo.
Ka mora karolo ena ya dipotso ho ile ha ba le karolo ya phanele ya ditholo feela; e mong e ntse le moithuti wa UFS ha ba bang ba bararo e le ba seng ba phetetse dithuto tsa bona. Ba ile ba bua ka dikatleho tsa bona le diphephetso tseo ba kopaneng le tsona mme ba tobeketsa maikutlo a bona dintlheng tse latelang:
- Ho bohlokwa haholo hore diyunivesithi di be le ditoloko kaha bona ba ile ba thuseha haholo hore ba fihlelle tseo ba di fihlelleng le mangolo a thuto yunivesithi ka ho fumana ditshebeletso tsa botoloki.
- Diphepetso di bile teng nakong ya Covid-19 moo dithuto di neng di etswa ka marangrang mme ho ne ho le thata ho fumana ditoloko haholoholo nakong eo neng di hlokeha ka morao ho nako ya dithuto tsa motsheare. Ka nako tse ding ho ne ho lebelletswe hore ba bale ditlhaloso tse hlahang dividiyong, empa ka nako tse ding di fosahetse.
- Bao ba seng ba phethetseng dithutso tsa bona ba hlosa hore baithuti ba Ditholo ba elellwe hore ba lehlohonolo hore ba na le monyetla wa hore ba be le ditoloko hobane mosebetsing ba sokola ho fumana ditshebeletso tsa ditoloko mme ho lefa ditoloko ho batla ho le theko e hodimo. Ba boela ba hlalosa bohlokwa ba ho aha dikamang le ditoloko tsa bona hore ho be le kutlwisisano.
- Phephetso e kgolo ke tebello ya hore ba itefelle ditoloko. Bothata bo boholo mmusong ke hore dipuong ha motho a hloka ditshebeletso ho tla lluwa ka tjhelete.

Baithuti ba ile ba thoholetsa CUADS ka mosebetsi o motle oo ba o etsang wa ho fana ka ditshebeletso tsa Puo ya Matsoho Yunivesithi. Mosebetsi wa letsatsi o ile wa kwalwa ke Ngaka Hlongwa, Motlatsi wa Motsamaisi ho Akhademi ya Botemengata. lebohile bohle ba kgonneng ho ba teng mme a kopa bahlophisi ba mosebetsi hore ka ha ena e ne e le keteko ya pele ya mofuta ona, ho tla lokela hore ho be le tse ding tse ngata tse tla latela. O ile a re seboka se latelang se lokela ho ba seholo se kopanelwe le PanSALB hore se fihlelle batho ba bangata ho ithuta ka botholo le Puo ya Matsoho.
Ka Selloane Khampepe



