Keteko ya letsatsi la Matjhaba la ho Bala le ho Ngola: Simphosiamo le kgakolo ya buka

Letsatsi la Matjhaba la ho Bala le ho Ngola (ILD) le ketekwa selemo le selemo ka la 8 Loetse lefatshe ka bophara empa Lekgotla la Dipuo Tsohle tsa Afrika Borwa (PanSALB) le ile la keteka letsatsi la ILD ka la 5 Loetse 2025. Morero le sepheho sa ho keteka letsatsi la ILD ke ho etsa tlhokomediso ka bohlokwa ba ho tseba ho bala le ho ngola.

Mokete e ne e le wa kopanelo dipakeng tsa PanSALB, Yunivesithi e Bohareng ya Theknoloji (CUT), Yunivesithi ya Kapa (UCT), le Yunivesithi ya Freistata (UFS). Mokete o ile wa tshwarelwa CUT khempaseng ya Bloemfontein. Keteko ena e ile ya kenyeletsa simphosiamo le ho kgakolwa ha buka. Mookotaba wa Simphosiamo e ne e le ho phahamisa Sesotho ho ba puo ya Saense, Theknoloji, Diphuputso le ho Ruta le ho Ithuta.

Dibui tsa letsatsi di ne di akga:

  • Profesa Schelebusch eo e leng Dini e tshwereng Mokobobo Fakhalthing ya Tsa Botho CUT mme o ile a fana ka puo ya kamohelo; Hlooho ya Phethahatso ya Dipuo PanSALB, Ntate J Dantile o ile a fana ka puo lebitsong la PanSALB. Puong ya hae o ile a thoholetsa tshebedisano e teng dipakeng tsa Basotho dinaheng tse pedi, Afrika Borwa le Lesotho. A hlalosa hore dintwa tse teng ditabeng tsa ho fapafapana ha mopeleto le mongolo wa Sesotho dinaheng tsena ha di hlokahale. A boela a re puo ke yona e tlang pele ha ho tluwa dipuisanong.
  • Ngaka T Mosala eo e leng setho sa Boto e ne e le se seng sa dibui tsa letsatsi. Puong ya hae o ile a bua ka bohlokwa ba tshebediso le ntshetsopele ya dipuo. A bolela le hore jwalo ka setho sa Boto ya PanSALB o leboha hore ba ile ba fumana memo ho tla moketeng wa mofuta ona ho tla bona mosebetsi o etswang diprovenseng. Ha e le Profesa M Motinyane o ile a bua bakeng sa Centre for Advanced Studies of African Society (CASAS), eo e leng yona e phatlaladitseng wa buka e kgakotsweng. O ile a hlalosa hore bona e le CASAS ba na le lerato ntshetsopeleng ya dipuo tsa Maafrika, mme maikemisetso a bona ke ho bona dipuo tsena di phahametse maemong a hodimo.

Ho ya ka mookotaba oo ho neng ho ipapisitswe le ona wa simphosiamo, ho ne ho menngwe bankakarolo ba nang le thahasello ho romela dikakaretso bakeng sa dinehelano. E bile dikakaretso tse mashome a metso e robong (19) tse ileng tsa ba karolo ya mokete ona. Dikakaretso tse leshome le metso e mehlano (15) di ne di ngotswe ka Sesotho ha tse tharo (3) di ne di ngotswe ka English. Ha kakaretso e le nngwe feela e ne e ngotswe ka Sesotho le English.

Dinehelano le Dikakaretso ke tse latelang:

– Ntate Thabang Molatou (VUT) – Tekolo e Hlokolosi ya Tshebediso ya Maadingwa diphetholelong tsa Sesotho: Tshekamelo ho lebatowa la Mangaung

– Mme Mathai Monyakane – Tshebediso ya Podcast e le sebetsa se ka sebediswang ho ruta neanotaba ya Sesotho

– Mme ‘Masehloho Ts’osane -Matjotjo (NUL) le Ngk. Malisema F. Makoa (UFS) – Litlamorao tsa meelelo phelephano

– Alex Majoro le Ngk. JP Mafisa – Language Planning and Policy: Bridging the Past and the Present

– Mme Manthabile Maduna le Prof. Rethabile Possa (UCT) – Ka u lotha: Boleng ba papali ea lilotho mehleng ea marangrang

– Prof. Mantoa Motinyane UWC – If AI Doesn’t Speak African Languages, Whose Future Does It Serve?

– Ngk. Tsietsi Mahlasela le Hopolang Khanye (NWU) – Melawana ya mopeleto ya mareo a melata Sesothong, re ya pele kapa morao?

– Mme Matumelo Motoboli le Prof. Rethabile Possa – Thehello: khahlamelo ea mabitso ao le tsela eo a bopang boitsoaro le semelo sa motho ea rehelletsoeng.

– MA Kulo le Ngaka MCN Mokuoane – Tharollo ya thuto ya ngwana: Dikateng tsa dilotho

– Mme Selloane Mokuku,  Tshepang Moticoe le Makhaola Ndebele (Rhodes University) – Ke Thokolosi Kea Hlapanya, Mehopolo ka Bokgabi e le Sebetsa sa Puisano ka AI (Rhodes)

– Ngk. Sara Motsei – Manollo le tshekatsheko ya tshwantshiso ya Sefi: Nkutha (2008)

– Lerato Mosala – Reimagining Sesotho in Lesotho Multilingual Education utilizing Ubuntu Translanguaging as a Bridge for Multilayered Language Acquisition

– Lintle Maraisane le Arone Koloti (UFS) – Maikutlo a Matichere a Bana ba bannyenyane ka Bokhoni ba Bona ba ho Ruta Saense

– Branzy Khahlisi – Reviving oral literature: The role of Sesotho narratives in contemporary literature spaces / Ho tsoseletsa ho phethwa ha dingolwa: karolo ya ditshomo tsa Sesotho dibakeng tsa bongodi tsa sejwalejwale

– Mabohlokoa Khanyetsi le Mary Mensele (UFS)

Matsoho a dutla a sebetsa: Bohlokwa ba ho hlahloba diphoso mehloding ya thutapuo ya Sesotho

– Nthatisi Bulane – Moetlo oa hlomphano oa Basotho

Karolo ya mosebetsi wa kgakolo ya buka e ne e tsamaiswa ke  Ngaka K Seshoka ho tswa Yunivesithing ya North-West. Sehlooho sa buka ke “Boithuto, Ntlafatso, Poloko le Ntshetsopele ya Puo ya Sesotho: Malebela ka Ditsebi”.  E hlophisitswe ke  Profesa Rethabile Possa le Matumo C Ramafikeng. Buka ena ke pulamadiboho dithutong tsa yunivesithi tsa Sesotho kaha e na le seabo se seholo ho phahamisa maemo a dipuo tsa Maafrika dithutong tse phahameng. E na le dikgaolo tse leshome le metso e mehlano tse ngotsweng ke dirutehi tse tsebahalang ho phatlalla le makala a kenyeletsang histori, bophelo, molao, boithutopuo le dingolwa. Bangodi ba bileng le seabo bukeng ena ba ile ba bua ka tse ding tsa diphephetso tseo ba ileng ba tobana le tsona leetong la bona la ho ngola buka ena.

Buka e ne e kgakolwa ka sepheo sa ho susumetsa batjha bao e leng dirutehi ho phatlalatsa ka dipuo tsa matswallwa. Buka ena e tla boela hape e aha setjhaba se ikemiseditseng ho ntshetsa pele dipuo tsa Maafrika thutong.

Ho boetse hape ho thehilwe Mokgatlo wa Sesotho – Afrika Borwa le Lesotho. Mokgatlo ona o thehilwe ka maikemisetso a ho matlafatsa tshebedisano e tshelang moedi dipakeng tsa Afrika Borwa le Lesotho kgodisong le ntshetsopeleng ya Sesotho. Mokgatlo o tla tshehetsa le ho hokahanya diphuputso, dingolwa le merero ya thuto e ntshetsang pele bohlale le boemo ba Sesotho. Hape, o tla theha dibaka tse kenyeletsang tsa dipuisano, phapanyetsano ya setso le bobuelli ba maano ho tshehetsa Sesotho e le puo ya ho ithuta, puso le boitsebahatso.

Thapelo Lebona

Share:

Facebook
Twitter
Pinterest
LinkedIn

Related Posts