Ha kgwedi ya Loetse e hlola matsatsi a leshome le metso e mmedi selemong se hodimo (12 Loetse 2025), Lekgotla la Dipuo Tsohle Tsa Afrika Borwa (PanSALB) ka kopanelo le bohle ba amehang le ile la tshwara Letsholo la Ditokelo tsa Botho tsa Puo le Phihlello ya Toka (LHR). Letsholo lena le ne le tshwaretswe Yunivesithi e Bohareng ya Theknoloji (CUT) khempaseng e Bloemfontein moahong wa Prosperitas Auditorium.
Sepheo le morero wa letsholo lena ke ho fana ka tlhahisoleseding ho Ditholo ka puo ya bona ya matsoho (SASL) mabapi le phihlelo ya toka, ho sekaseka diphephetso tseo ba kopanang le tsona ha ba tlameha ho fumana ditshebeletso tsa botoloki mafapheng a fapaneng, le ho fana ka lesedi la hore ha ba na le ditletlebo ba ka etsa jwang.

Bohle ba amehang ebile ba bile le seabo letsatsing leo ba kenyeletsa: Mokgatlo wa Ditholo Freistata (FSDA), Federeishene ya Ditholo Afrika Borwa (DeafSA), Lefapha la Toka le Ntshetsopele ya Molaotheo (DoJ & CD), Khomishene ya Tekano ya Bong (CGE), Lefapha la Mmuso wa Kopanelo le Ditaba tsa Setso (COGTA). Sepolesa sa Afrika Borwa (SAPS), Bolaodi ba Naha ba Botjhotjhisi (NPA), Thuso ya Molao Afrika Borwa (Legal Aid SA), Lefapha la Ntshetsopele ya Setjhaba (DSD), Khomishene ya Ditokelo tsa Botho ya Afrika Borwa (SAHRC), le Yunivesithi ya Freistata (UFS) le baamehi ba bang ba ile ba mengwa ho bua letsholong lena.
Motsamaisi wa mosebetsi e bile Mme E. Matabane eo e leng Setholo hape e le setho sa mehleng sa Komiti ya Puo Provenseng ya Freistata(FSPLC). Pulo le kamohelo di entswe ke Ntate P. Phakedi, eo e leng setho se setjha sa FSPLC. Ditho tse ding tse bileng teng letsholong lena tsa FSPLC di ne di kenyeleditse: Ntate Z Khombeni e leng Modulasetulo wa nakwana, Ntate M. Masowa, Ntate T Osborne, Ntate C Human, Ntate O Ramohlabi, Ntate M. Busane, Ntate M Scholtz, Ngaka V Dyantyi le Ntate M. Koai.

Ntate T Lebona wa PanSALB o ile a amohela bohle mme a bua ka morero wa letsholo lena le ka thomo ya PanSALB e leng ho phahamisa le ho etsa bonnete ba hore dipuo tsohle tsa Afrika Borwa di a sebediswa, haholo dipuo tse neng di qheletswe ka thoko. Mme A Mofokeng wa DeafSA o ile a bua ka morero wa letsholo lena ho tswa lehlakoreng la bona e le setjhaba sa Ditholo.
Batho ba neng ba le teng ba ne ba akga ditho tse mashome a supileng (70) tsa Ditholo ho tswa diterekeng tse fapaneng tsa Freistata, ho kenyeletsa ditereke tse latelang: Maluti-a-Phofung, Mangaung Metro, le Lejweleputswa. COGTA ke yona e ileng ya thusa ka ho hlophisa le ho lefella dipalangwang bakeng sa Ditholo. Ditholo tse neng di menngwe di ne hlwauwe ke mekgatlo ya Ditholo.

Ho ile ha etswa dinehelano tse fapaneng mme ya SAPS e ile ya etswa ke Kolonele K Gopane, a tsebisa bohle hore ho lokelwa ho latelwa metjha efe ho bula nyewe. O hlalositse hore bona e le ba sepolesa ba fuputsa dinyewe ka mokgwa ofe le hore botlokotsebe bo ka thibelwa jwang ekasitana le hore ke ditshebeletso dife tse ding tseo ba fanang ka tsona. Ntate I Mokhele wa NPA yena o ile a fana ka lesedi la hore beili e sebetsa ka mokgwa ofe le ka metjha e tlamehang ho latelwa ha ho etswa kopo ya beile. Nehelano ya phihlelo ya makgotla a tekano, tlhekefetso ya malapeng le ditlolo tsa thobalano e entswe ke ntate T Mosese wa Doj & CD. COGTA e ne e emetswe ke Mme T Setlogelo mme o buile ka Moralo wa Leano la Naha ho Tlhekefetso ya Bong le Sehlopha se Di Hulang Pele sa Ditholo.
Nehelano ya SAHRC hore e na le seabo sefe e le institjushene ya Kgaolo ya borobong (9) ditabeng tsa phihlelo ya toka e entswe ke Ntate. L Nkabiti. Mme B Zwane yena o hlalositse hore CGE hore e na le seabo sefe e le institjushene ya Kgaolo ya borobong. Nehelano ya ho qetela e entswe ke Mme S Lombaard wa UFS, a bolela hore bona ba na le seabo sefe e le setsi sa thuto e phahameng ditabeng tsa Puo ya Matsoho, botjhoriso le botoloki.

Ho bile le mokgahlelo wa dipotso le dikarabo moo ba neng ba le teng ba ileng ba fuwa monyela wa ho botsa dipotso. Dipotso tse ileng tsa botswa di ne di kenyeletsa:
- Hore SAPS e na le ditjhelete tse behetsweng ka thoko bakeng sa ho kwetlisa batho ka SASL ho latela se buuweng le hore ekaba SAPS e na le disebediswa tse lekaneng le matsatsi a kwetliso. Dipotso tse ding di ne di le mabapi le hore setjhaba sa Ditholo ekaba se tla kenyeletswa le hore ekaba SAPS e se e kgethile hore ke bomang ba tlo ya dikwetlisong tseo. Karabo ya moemedi wa SAPS e bile hore ha a kgone ho fana ka dintlha tse feletseng kaha ntlokgolo ke yona e etsang ditokiso tsa ditjhelete le dikwetliso.
- Ke tjhelete e kae, e lefuwang ke moqosuwa bakeng sa beili. Moemedi wa NPA o arabile ka hore ke makgistrata kapa moahlodi ya etsang qeto ya beili eseng motjhotjihisi. A hlalosa hore tjhelete ya beili e a fapana ho ya ka dinyewe.
- Ho etsahalang ha motho a tswile ka beili ebe o etsa ketso e nngwe ya tlolo ya molao? E nkuwa e le qoso e ntjha kapa e kenyeletswa qosong ya kgale? Moemedi wa SAPS o arabetse ka hore e nkuwa e le moqosuwa ya tlotseng molao makgetlo e be o hanelwa ka beili. Nyewe e ntjha e tla bulwa bakeng sa qoso eo.
- E mong wa Ditholo o botsitse moemedi wa SAPS hore a ka mo thusa jwang mabapi le nyewe ya lefu la mme wa hae, kaha a emetse karabo nako e telele. Moemedi wa SAPS o ile a kopa hore a fane ka nomoro ya nyewe a tsebe ho e sheba hobane, a keke a kgona ho hlahisa maikutlo nyeweng eo a sa tsebeng dintlha tsa yona.
- Ngwana ya monnyane a ka etsa jwang ho tlaleha nyewe ya peto ha a betuwe ke motho eo a tlamehang ebe o mo felehetsa ho ya sepoleseng? Moemedi wa SAPS o arabetse ka hore ba na le basebeletsi ba setjhaba ba thusang diphofu.
- Ha setholo se feleheditswe ke toloko ya sona ho ya sepoleseng, ekaba SAPS e tla lefa ditjeo tsa botoloki? Moemedi wa SAPS o arabetse ka hore ha jwale ha ho na ditjhelete bakeng sa ho patala ditshebeletso tsa botoloki.
Letsholo le ile la kwalwa ka ho etsa diteboho le ditsebiso mme ha dumellanwa hore dubui tsohle di ne di ntse di le teng mme bohle ba ne ba ntse ba ena le monyetla wa ho tswela pele ho botsa dibui tse amehang dipotso.
Selloane Khampepe



