Ditoloko tsa makgotla a dinyewe tse ka bang tse 50 di apesitswe diaparo tsa semmuso tsa lekgotla ka la 12 Tshitwe 2025 moketeng o neng o tshwaretswe diofising tsa Bolaodi ba Naha ba Botjhotjhisi (NPA) tse Johannesburg. Mokete o ne o hlophisitswe ke Lefapha la Toka le Ntshetsopele ya Molao wa Motheo (DOJ & CD). Mokete ona ke karolo ya lenaneo la DOJ & CD la ho phahamisa maemo le seriti sa ditoloko makgotleng a dinyewe ka ho etsa hore mosebetsi wa ho toloka e ba wa seprofeshenale. Ditoloko di bapala karolo ya bohlokwa ka hara tshebetso ya toka kaha di etsa hore ho be le dipuisano ka puo ya letswele.
Baemedi ba fapaneng ba ile ba fana ka melaetsa ya tshehetso moketeng ona. Ho bile le dipuo le ditlhahiso tse tswang ho Bolaodi ba tsa Basebetsi bo neng bo emetswe ke Mme B Mbanga, esitana le Botsamaisi ba Provense ba Ditshebeletso tsa Dipuo bo neng bo emetswe ke Ntate E Mudavhi. Ntate T Mamburu, Makgistrata e Moholo wa Johannesburg, le Ntate V Mahlangu, Makgistrata e Moholo wa Pretoria ya tshwereng mokobobo le bona ba ile ba fana ka melaetsa ya tshehetso. Ngk. S Maepa o ile a hlalosa thomo ya Lekgola la Dipuo Tsohle tsa Afrika Borwa (PanSALB) molaetseng wa hae. Ntate M Djaje eo e leng Presidente ya Lekgotla la Dinyewe la Lebatowa, o ile a fana ka puo ya sehlooho e neng e ipapisitse haholo le mookotaba wa mokete e leng ‘Re aha tshebeletso ya botoloki ba makgotla a dinyewe hore e be e profeshenale’.
Dipuo le ditlhahiso tse tswang ho ditoloko di ile tsa hlompha mosebetsi oo ditoloko tsa makgotla di o etsang le bohlokwa ba ho tshehetsa mekete ya a mofuta ona jwalo ka ho ananela hore seabo sa bona se bohlokwa ho nnetefatsa hore mosebetsi wa lekgotla o etsahala ka toka, hore motho e mong le e mong a be le tokelo ya ho ahlolwa ka puo eo a e utlwisisang.


Mokete ona e ne e le wa pele wa mofuta ona naheng moo ditoloko tsa makgotla a dinyewe a Johannesburg le Pretoria e leng bona ba pele ba ileng ba apeswa diaparo tsa semmuso. Mokete ona o bula tsela bakeng sa mekete e meng ya ho apeswa diaparo tsa semmuso hore e etsahale naheng ka tsela e hlomphehang. Nakong ya mokete, ditoloko di ile tsa etsa boitlamo ba Molao wa Boitshwaro, mme tsa itlama hore di tla sebedisa botsebi ba tsona le ho beha mosebetsi wa bona pelong.
Mokete e bile o atlehileng mme ditoloko di ileng tsa hlomphuwa ka mosebetsi oo ba o etsang. Lefapha le ile la hlokomela hore ho ntse ho na le mosebetsi o mongata oo le lokelang ho o etsa ho ntlafatsa botsebi ba ditoloko. Mohlala, ho boletswe hore toloko e tlameha ho ba le dithuto tse itseng. Bakeng sa ba seng ba le mosebetsing ona, ho lokela ho ba le ntlafatso ya botsebi. Kahoo, Bolaodi ba tsa Basebetsi bo boletse hore bo na le dibazari, mme ditoloko di lokela ho kenya dikopo. Le ha ho le jwalo, mosebetsi oo ba se ba o entse o bontshitse hore lefapha le se le tsamaya tseleng e ntle ho fihlella katleho e eketsehileng.
Rethabile Motshoeneng



