Komiti ya Puo ya Provense ya Freistata e kgetha boetapele kamora ho kwala dikgeo

Ka Thapelo Lebona

Komiti ya Puo ya Provense ya Freistata (FSPLC) e ile ya tshwara kopano ya tlhomamiso ya ditho tse kgethuweng ho kwala dikgeo ka la 9 Tlhakola 2026. Kopano ena e bile e atlehileng haholo e neng e tshwaretswe Premier Splendid Inn Bloemfontein. Ditho tse tsheletseng di ile tsa kgethwa semmuso kamora hore PanSALB e phatlalatse mabitso a bona gazeteng le ho mema ditho tsa setjhaba hore di fane ka ditshwaelo ka mabitso a phatlaladitsweng gazeteng. Ha ho a ba le kganyetso efe kapa efe e ileng ya amohelwa mabapi le mabitso a ileng a phatlalatswa. Ditho tse kgethuweng ho kwala dikgeo ke Ngk. Mthobisi Busane, Ntate Petrus Phakedi, Ntate Charles Human, Ntate Mar’c Scholtz, Ntate Aron Ramohlabi, le Ngk. Angela Panelatti.

Ditho tsa FSPLC di lokela hore bonyane di be leshome le metso e meraro ka palo mme sena se se se fihlelletswe kaha ha jwale, ditho tsa FSPLC di leshome le metso e mmedi. Ditho tse nne ke tse emetseng Sesotho hobane ke yona puo e buuwang ke baahi ba bangata ba Freistata. Puo ya bobedi e bongateng Freistata ho latela dipalopalo ke Afrikaans e lokelang ho emelwa ke ditho tse pedi. Phephetso e kgolo e bile ho fumana ditho tse tla emela puo ya Afrikaans mme e emetswe ke setho se le seng. Dipuo tse ding tsa provense le tsona ho latela leano la puo la provense ya Freistata di emetswe ke setho se le seng e leng Setswana, isiXhosa, isiZulu le Puo ya Matsoho.

Puo ya Khoe le San mmoho le dipuo tsa botjhaba le tsona di la ne kemedi komiting le ha e se dipuo tsa semmuso. Ho bohlokwa ho hopola hore PanSALB ha e phahamise dipuo tsa semmuso feela, e lokela le ho phahamisa dipuo tsohle tse buuwang proveseng le ho nnetefatsa hore di a hlomphuwa.

Ditho tse felletseng tsa FSPLC ke tsena tse latelang tseo e tla ba ditho ho fihlela nako ya komiti e fihla pheletsong ka selemo sa 2029:

  1. Ntate Zonela Khombeni (Sesotho)
  2. Ngk. Mthobisi Busane (isiZulu)
  3. Ntate Bingi Karedie (Sesotho)
  4. Ntate Mar’c Scholtz (Afrikaans)
  5. Ntate Mpho Masowa (Sesotho)
  6. Ntate Petrus Phakedi (SASL)
  7. Ntate Charles Human (Khoe & San)
  8. Ngk. Vuyo Dyantyi (isiXhosa)
  9. Ntate Timothy Osborne (English)
  10. Ngk. Angela Panelatti (Dipuo tsa botjhaba)
  11. Ntate Aron Ramohlabi (Setswana)
  12. Ntate Mojalefa Koai (Sesotho)

Kopanong ena ho ile ha kgethwa Modulasetulo, Motlatsamodulasetutlo, le ditho tsa dikomiti. FSPLC e ile ya kgetha Ntate Zonela Khombeni jwalo ka Modulasetulo ha Ngk. Mthobisi Busane a ile a kgwethwa jwalo ka Motlatsamodulasetulo. Bobedi ba bona bo ile ba kgethwa ntle le kganyetso. Ntate Khombeni e ne e ntse e le yena Modulasetulo ya Tshwereng Mokobobo hobane FSPLC ha e a ka ya kgetha Modulasetulo le Motlatsamodulasetulo ka lebaka la ho hlotsa ha komiti e neng e na le ditho tse tshelela feela nakong e fetileng.

Dikomiti tsa FSPLC di nne. Komiti  ya Thuto Puong e etelletswe pele ke Ntate Osborne jwalo ka Seepapitso mme ditho tsa yona di kenyelletsa Ntate Masowa, Ntate Ramohlabi, Ntate Scholtz le Ntate Phakedi. Ntate Human o ile a  kgethwa ho ba Seepapitso sa Komiti ya Morero wa Maemo a Puo mme komiti ena ditho tsa yona ke Ntate Masowa, Ngk. Busane le Ntate Khombeni.

Komiti ya Phetolelo le Botoloki yona e na le ditho tse tharo feela e leng Ntate Osborne, Ngk. Busane le Ntate Ramohlabi eo e leng Seepapitso. Komiti ya bone ya FSPLC ke ya Ditokelo tsa Botho tsa Puo e bopilweng ka ditho tsena: Ntate Human, Ntate Khombeni, Ntate Scholtz le Ntate Phakedi eo e leng Seepapitso sa komiti.

Komiti ya Ditokelo tsa Botho tsa Puo e lemohile hore mosebetsi o sa le mongata o lokelang ho etswa o amanang le ditokelo tsa puo. Ho hlokometswe hore Ditholo di ntse di sa fumane ditshebeletso ka nepo dibakeng tse jwalo ka diteisheneng tsa seponesa ka lebaka la tlhokeho ya ditoloko tsa Puo ya Matsoho ya Afrika Borwa. Beng ba puo ba se ba rometse ditletlebo komiting tse amanang le kgatikelo ya ditokelo tsa bona tsa puo. Ditaba tse amanang le boemo ba dipuo ho latela le leano la puo ka hara provense ke e nngwe ya dintho tseo Komiti ya Morero wa Maemo a Puo e tla shebana le tsona hobane ho ntse ho se na tekatekano ya dipuo proveseng ya Freistata e leng phephetso e kgolo.  Komiti ha e a kgotsofala hohang hore mmuso wa provense ha o ikobele molao le leano la puo.

Mosebetsi wa letsatsi o ile wa tsamaya hantle mme tshepo le tumelo ke hore ditho tsohle di tla tshwara ka thata ho nnetefatsa hore PanSALB e phethahatsa thomo ya yona.

Ka Thapelo Lebona

Share:

Facebook
Twitter
Pinterest
LinkedIn

Related Posts