Ofisi ya Provense ya Freistata ya Lekgotla la Dipuo Tsohle tsa Afrika Borwa (PanSALB) ka kopanelo le Ofisi ya Tonakgolo: Office of the Status of Persons with Disabilities e ile ya rupela basebetsi ba mafapha a mmuso a Freistata ka Puo ya Matsoho ka matsatsi a mararo e leng la 25 – 27 Tlhakubele 2025. Thupelo ena e ne e tshwaretswe OR Tambo House mokatong wa borobedi mme basetsi ba mafapha a fapaneng ba ka bang mashome a mahlano ba ile ba phutheha ho rutwa Puo ya Matsoho (SASL). Mekgatlo e neng e tsamaisa thupello ena ke Amohelang Deaf Empowerment of the Free State le Molemosa Language Services e eteletsweng pele keMof. E. Matabane le Mof. A. Ntlhokoa ba nang le boiphihlelo bo fetang ba dilemo tse leshome ditabeng tsa thuto ya Puo ya Matsoho.

Mosebetsi o ile wa bulwa ka vidiyo, Puo ya Setjhaba ya Puo ya Matsoho e ileng ya hlophiswa ke Moifo wa Naha wa Puo ya Matsoho wa PanSALB hore ho tle ho be le Pina e le nngwe e tshwanang ya Puo ya Matsoho eo setjhaba se tla ithuta yona. Motsamaisi wa mosebetsi e ne e le Ntate Monyane wa Lefapha la Tonakgolo ya entseng hore thupelo ena e be teng ka ho sebedisana le PanSALB. Mookamedikakaretso ya tshwereng Mokobobo provenseng ya Freisitata e leng Mme Tswelopele Mabalo o ile a tshehetsa morero wa thupelo ena haholo mme ke yena ya eleditseng hore e be ya mafapha ohle a mmuso. Mme Mabalo o ile a bula mosebetsi mme a bolela hore Lefapha la Tonakgolo le ellelwa hore Puo ya Matsoho ke tokelo ya motheo ya botho mme ho lokela hore ho hirwe ditoloko ho ananela ditokelo tsa Ditholo.

Mme Matebula o ile a bua ka hore ke thomo ya Lekgotla la Dipuo tsohle tsa Afrika Borwa haholoholo tabeng ya Puo ya Matsoho. A elelliswa bohle ka Tjhata ya Puo ya Matsoho e tataisang mafapha a mmuso ka Puo ya Matsoho. A bolela hore kgwedi ya Loetse ke ya Temoso ka Botholo mme ho ka ba molemo ha mafapha a mmuso a ka ba le mananeo a Puo ya Matsoho ka nako eo. Puo ya Matsoho ke puo ya semmuso Afrika Borwa mme ho bohlokwa haholo hore basebeletsi ba mmuso ba e tsebe e le hona ho fa Ditholo ditshebeletso ka puo ya bona. Mme Matebula o ile a bolela hore Ditholo le mekgatlo e amehang e ile ya hwanta le hona ho etsa boipiletso hore Puo ya Matshoho e be puo ya semmuso. E se e le nako e telele Ditholo di sa fumane ditshebeletso ka puo ena mme le dikopanong le mesebetsing e mengata ya mmuso ba sa mengwe le hona ho kenyeletswa mererong ya mmuso. Morero ka thupelo ena ke ho fetola sena le hona ho tlisa temoso ka bohlokwa ba puo ena ya semmuso eo esaleng e hateletswe nako e telele.

Pele ho ka rupelwa bohle ka Puo ya Matsoho, Mme Matabane o ile a fana ka tataiso ya dintho tse amohelehileng le tse sa dumellwang ha batho ba kopana le Ditholo. Tseo o sa tshwanelang ho di etsa ke tsena:
- Ha o a lokela ho nka lejwe kapa eng kapa eng eo o kopanang le yona ho fureletsa Setholo ka yona hore a tle a o shebe hobane a sa utlwe. Ha o a dumellwa ho tshwara motho eo e leng Setholo mmeleng moo ho sa tshwanelang ha o batla ho bua le yena.
- O se ke wa atamela motho haholo ha o bua le yena ka Puo ya Matsoho.
- O se ke wa ja kapa wa hlafuna ha o ntse o bua le Setholo ka Puo ya Matsoho.
- Se fete dipakeng tsa batho ha ba ntse ba bua ka Puo ya Matshoho hobane o sitisa puisano.
- O se ke wa ema lefifing ha o bua le motho ka Puo ya Matsoho.
Tseo o tshwanetseng ho di etsa:
- Thetsa/tshwara Setholo lehetleng ha o batla a o shebe.
- Kgantsha le ho tima mabone kgafetsa ha o batla a o shebe.
- Sheba motho mahlong ha o bua le yena.
- O lokela ho ba sebakeng se nang le kganya e tshwanetseng ha o sebedisa Puo ya Matsoho
Maikutlo a ileng a hlahela ke hore, batho ba bangata ba entse dintho tse sa lokang ebile di fosahetse puisanong le Ditholo. Ha di ka nahanisiswa hantle ke dintho tse ka etsang hore Ditholo di ikutlwe di sa amoheleha setjhabeng. Ho dumetswe hape hore ho bohlokwa hore kaha batho ba ntse ba ithuta dintho tse nepahetseng, ba di etse mme Ditholo di kenyeletswe mananeong a mmuso.

Ho ile ha ba le dipotso tse ngata tabeng ena tse amanang le Ditholo le Puo ena ya Matsoho. Ho ile ha hlaka hore ho na le dintho tse ngata tseo batho ba sa di tsebeng tse amanang le botholo. Ho ile ha fanwa ka tlhakisetso dintlheng tsena:
- Ho bohlokwa haholo ho hira ditoloko tse nang le boiphihlelo le tsebo ya Puo ya Matsoho ho latela Tjhata ya Puo ya Matsoho ho qoba diketsahalo tse tlotlollang tsa nako e fetileng moo ho neng ho hiruwe ditoloko tse sa tsebeng Puo ya Matsoho diketsahalong tsa mmuso. Matitjhere a sebetsang dikolong tsa Ditholo ha se ditoloko tse rupetsweng tsa Puo ya Matsoho.
- Toloko e rupetsweng e tla toloka molaetsa o nepahetseng ka botshepehi. Toloko ya Puo ya Matsoho ha e a dumellwa ho ikenyetsa mantswe kapa ditaba tsa yona ha e toloka. Mosebetsi wa toloko ke ho fetisa molaetsa feela mme ha e a tshwanela ho kena ditaba tseo ho tla beng ho buuwa ka tsona.
- Ditholo di na le tokelo ya ho ikgethela ditoloko tse tshepahalang tse tla toloka ho latela melawana ya ditoloko ya Puo ya Matsoho. Ditoloko tse rupetsweng tsa Puo ya Matsoho di utlwisisa mosebetsi wa tsona hore ha di a tshwanela ho bua ka ditaba tsa sephiri tse tla beng di tolokwa.
- Puong ya Matsoho le teng ho na le dipuwana le disinonimi jwalo ka dipuong tse ding mme ho ntse ho nepahetse ho ithuta dipuwana tsena le disinonimi tsa Puo ya Matsoho.
- Jwalo ka dikopanong tsohle tsa boemong ba matjhaba, le tabeng ya Puo ya Matsoho, Ditholo di ntse di dumeletswe ho itlela le ditoloko tsa Puo ya Matsoho tsa dinaha tse fapaneng.
Thupelo e ile ya tsamaya hantle haholo mme basebetsi ba mmuso ba ile ba rutwa nteterwane ya Puo ya Matsoho, ho itsebisa, ho peleta mabitso a bona, mareo a maikutlo le a sebediswang mosebetsing le dipolelo tse fapaneng tsa Puo ya Matsoho. Bohle ba ile ba lebellwa hore ba qoqe tseo ba ithutileng tsona ba sebedisa Puo ya Matsoho feela. Qetellong ya thupello ena ho ile ha fanwa ka ditifikeiti e le bopaki ba hore basebetsi ba mmuso ba ile ba rutwa Puo ya Matsoho matsatsi a mararo.

Boholo ba batho ba itse ba itumetse ka thupello ena, ba ithutile tse ngata mme ba itse ho ka ba molemo hore nako ya thupelo ena e eketswe hobane ho nka nako ho ithuta puo. Ho thoholeditswe PanSALB le Ofisi ya Tonakgolo ka ho hlophisa thupelo ena.
Ka Nikiwe Matebula