Letsholo la Ditokelo tsa Botho tsa Puo la PanSALB Freistata

Ofisi ya Lekgotla la Dipuo Tsohle tsa Afrika Borwa (PanSALB) ka kopanelo le Ofisi ya Ditokelo tsa Puo ntlokgolo ya PanSALB e eteletsweng pele ke Ntate Jeffrey Nkuna e ne e tshwere letsholo la ditokoleo tsa botho tsa puo ka la 14 Tlhakubele 2025. Letsholo lena le ne le tshwaretswe hoteleng ya Willow Lake, Bloemfontein mme ho ne ho menngwe dikolo, Makgotla a Taolo ya Dikolo, mekgatlo ya Ditholo, ba seyalemoya sa Motheo FM, Lefapha la Dipapadi, Bonono Botjhaba le Boikgathollo, Government Communication and Information System (GCIS), le baamehi ba bang ba puo.

Mosebetsi o ne o tsamaiswa ke Mme Nikiwe Matebula, Motsamasi wa Ofisi ya PanSALB Freistata mme ditho tsa sebopeho sa PanSALB e leng Komiti ya Puo Provenseng ya Freistata ba ne ba le teng e leng Ntate M. Masowa le Ntate Z. Khombeni ba emetseng Sesotho, Nkg. V. Dyantyi ya emetseng isiXhosa le Ntate T. Osbourne ya emetseng English. Mosebetsi o ile wa bulwa ke Profesa Ntswaki Malebo wa Yunivesithi e Bohareng ya Theknoloji (CUT) ha molaetsa wa tshehetso o ile wa etswa ke Ntate Makompane Jacob Mathe wa Lefapha la Thuto. Dibui tse ding tsa bohlokwa tse neng di menngwe ke moithuti wa Yunivesithi ya Freistata, Mme Lusanda Madikane, Ngk. Motake wa CUT le Ntate Thapelo Lebona wa PanSALB ya ileng a bua ka ditletlebo tsa puo tse hlahletsweng Ofising ya Freistata tse amanang le kgatikelo ya ditokelo tsa Puo ya Matsoho, Afrikaans, Setswana le Afrikaans.

Dibui tsa bohlokwa ka ho fetisisa ke baithuti ba dikolo tsa Dr Blok, Curro le St. Bernard’s ba entseng dithothokiso mme ba bua ka ditaba tsa puo. Baithuti bana ba ile ba ipabola haholo ka ditaba tsa puo mme ho bonahala hore ba ile ba etsa diphuputso ka tsona.  Bonngoe Mopeli eo e le ng moithuti wa St. Bernard’s o ile a hlalosa boitshetleho le nalane ya Dipuo tsohle tsa semmuso tsa Afrika Borwa ka bokgabane.

Siyathemba Mafilika wa sekolo sa Dr Blok o itse yena seo a se bonang ke hore re tella dipuo tsa rona re le Maafrika. Re kgalla dipuo tsa batho ba bang mme re swabela tsa rona. A eletsa hore re rate dipuo tsa rona, re di boulele mme re hlomphe le tse ding tseo e seng tsa rona.

Gosego Mashune wa sekolo sa St Bernard’s o ile a qala puo ya hae ka ho qotsa mantswe a Ngugi wa Thiong’o ka hore dipuo tsohle tsa rona di a re hlalosa hore re bomang mme ha o fedisa puo ya motho, ho bolela hore o  a mo fedisa. A bolela hore dipuo tsa semmuso di leshome le metso e mmedi Afrika Borwa empa nnete ya taba ke hore English e okametse dipuo tse ding tsa matswallwa kaha bana ba ntse ba rutwa dithuto tsohle tse ding tse kang Mmetse ka puo ena. A bolela hore disebediswa tsa dipuo tsa matswallwa di mmalwa papisong le tsa English le Afrikaans mme le ha o batla ho ntshetsa pele dithuto tsa hao yunivesithi, o lokela ho tseba English mme ke phephetso e kgolo baithuiting ba sa ipaboleng ka English. Le ha ho shejwa ditabeng tsa media, dikoranteng, thelevishene le marangrang, le teng puo e okametseng ke English le ha dikanale tse ding thelevisheneng le seyalemoyeng ho na le tse sebedisang dipuo tsa matswallwa, English ke yona e nkelwang hodimo.

Ditsehebeletso tse ding tsa setjhaba tse kang dipetlele le seponeseng dipuo tsa matswallwa di a buuwa feela pusong ka kakaretso ho sebediswa English. Palamenteng ho sebediswa English, ha ho ngolwa maano le ditsebiso tsa bohlokwa tsa mmuso le ha ho etswa tsa Palemente ho sebediswa English. Puo e bohlokwa haholo setjhabeng empa ho hlakile hore dipuo tse ding di qhelelwa ka thoko mme mmuso ha o etse mekutu ho tlisa temoso ka bohlokwa ba dipuo. Mmuso o lokela ho sebetsa ka thata hore ho tle ho be le tekatekano ya dipuo le botjhaba. Puo ha e kotelwa, qetellong e lebalwa mmoho le setso sa setjhaba. A phethela ka hore se ngotsweng pampiring ka tekatekano ya dipuo Afrika Borwa se lokela ho phethahatswa.

Moithuti wa sekolo sa Curro e leng Makhosonke Makhubo yena o itse o a leboha hore o kena sekolo se nang le disebediswa tse ngata mmoho le matitjhere a itetseng mosebetsing wa bona. A boela a leboha hore ebe ho na le letsholo la mofuta ona la PanSALB le tlisang temoso ka dipuo le ba menngweng ho lona e le bana ba sekolo. Seo a reng se a mo swabisa ke hore  dilemo tse ka bang mashome a mararo tsa demokrasi ho ntse ho bolelwa hore ha ho na tjhelete le disebediswa ho tlisa tekatekano ya dipuo Afrika Borwa mme melao ya puo ha e phethahatswe.

A hlalosa hore mme wa hae dilemo tse fetileng ka nako ya kgethollo o ne a etsa dithuto tsa hae ka puo eo e seng ya lapeng mme a sokola hobane ke Motswana. O ne a lokela ho sebedisa didikshinari tsa dipuo tse fapaneng hore a tle a utlwisise dithuto tsa hae. Taba e bohloko ke hore le kajeno baithuti ba ntse ba lokela ho phela ka ona mokgwa ona mme ha ho na phetoho. Diphuputso di bontshitse hore motho o ithuta habobebe ha a ithuta ka puo ya lapeng feela sena ha se etsahale Afrika Borwa. A bolela hore ditshita di ngata le diyunivesithi hobane ha o sa tsebe English, ha o no tswella. A botsa hore hantlentle re ntse re etsang ha re hloleha ho phahamisa dipuo tsa semmuso hobane sena ke bothata bo boholo Afrika Borwa ba kgatello ya dipuo tsa matswallwa! A kwala ka hore puo e ka sebediswa ho kopanya batho, ho ba arola, ho ba kotela kapa ho ba matlafatsa mme re lokela ho tlisa phapang, re ananele dipuo tsohle mme ho be le temoso ka bohlokwa ba dipuo.

Baithuti bohle ba bileng le seabo letsholong lena e leng Charlotte Maile, Thabang Nthebe, Nthabiseng Kaokane, Gosego Mashune, Reabetswe Mopeli, Makhosonke Makhubo, Lofentse Seitheisho, Siphesihle Sibanyoni, Siyathemba Mafilika, Hlonolofatso Rampai, Pulane Leballo le Bokang Sehloho ba ile ba fuwa ditifikeiti tsa PanSALB. Kaha ho ne ho menngwe dikolo hahololoho tsena tse sa ruteng dipuo tsa matswallwa, tshepo ke hore ba ikutlwetse hore bana ha ba kgotsofalla kgatello eo ba e bonang ya dipuo tsa matswallwa Afrika Borwa kaha ke bona baetapele ba ka moso. Mme Matebula o entse kgoeletso hore dikolo tse ntseng di ruta ka English le Afrikaans feela di ke di etse mekutu ya ho ruta le dipuo tsa Maafrika. Mosebetsi o ile wa kwalwa ke Ntate Tello Theletsane, Mohlophisi a ka Sehloohong ya Tshwereng Mokobobo Yuniting ya Leksikhografi ya Sesiu sa Sesotho.

Ka Nikiwe Matebula

Share:

Facebook
Twitter
Pinterest
LinkedIn

Related Posts