Afrika Borwa e ananela kgwedi ya Tlhakubele e le Kgwedi ya Ditokelo tsa Botho, mme sehopotso sa selemo sena se tshwarwa tlasa mookotaba wa ‘Dilemo tse Mashome a Mararo tsa Tlhompho le Phahamiso ya Ditokelo tsa Botho’. Molaotheo wa naha o tiisetsa baahi ba yona ditokelo tse mmalwa, mmoho le tokelo ya ho sebedisa puo eo ba ikgethelang yona. Ka bomadimabe, tokelo ena hangata ha e natswe ho sa kgathalatsehe bohlokwa ba yona ba ho theha matla a dipolotiki le a moruo wa naha. Puo nakong e fetileng esale e le sesebediswa sa kgatello, haholoholo nakong ya bokolone le ya kgethollo ya mmala. Le hona jwale, dingangisano tse mabapi le ditokelo tsa puo di keke tsa tshwarwa ntle le ho elellwa bohlokwa ba yona dipolotiking le moruong wa naha. Ditokelo tsena di lokela ho phahamiswa le ho sireletswa ka matla ho nnetefatsa hore dipuo tsohle di fumana tlhompho le kananelo e lekanang.
Molaotheo wa Rephaboliki ya Afrika Borwa wa 1996 o ananela motheo wa botemengata. Ntlafatso ya boleng ba bophelo ba baahi bohle le ho lokolla bokgoni ba motho e mong le e mong di hlaloswa Selelekeleng sa ona. Ka ho hlokomela ho kotelwa ha nako e fetileng ha dipuo tsa matswallwa le dibui tsa tsona, sena se bolela hore mmuso o lokela ho nka mehato e sebetsang le e nepahetseng ho phahamisa eseng feela boemo ba dipuo tsena empa le ho ntshetsa pele tshebediso ya tsona mererong ya mmuso. Ka hona, Lekgotla la Dipuo Tsohle tsa Afrika Borwa (PanSALB) le thehilwe ka 1995 e le mokgatlo wa molaotheo wa Rephabliki ya Afrika Borwa ho theha maemo a ntshetsopele le ho phahamisa dipuo tsohle tsa semmuso. Institjhushene ena e ile ya thehwa ho nnetefatsa tshireletso e lekanang, tlhompho, le ntshetsopele ya dipuo tsa semmuso tse sa fumanang kananelo e felletseng nakong e fetileng le ho kgothaletsa ho itumella ka botlalo dipuo tsohle tsa Afrika Borwa tsa semmuso ka ho lekalekana.
Afrika Borwa e ikgethile ka ho ba le dipuo tse 12 tsa semmuso tse ananelwang ke Molaotheo wa yona. Leha ho na le kananelo ena, mafapha a mmuso le a praevete hangata a ikamahanya le maano a puo a sa tsweleng pele a ntshetsang pele kokamelo ya Senyesemane. Ho fihlela morao tjena, dipuo tsa matswallwa di ne di atisa ho behwa boemong bo fatshe ho baballa botjhaba mme di sa sebediswe dibakeng tse phahameng. Leha ho le jwalo, Thuto ka Dipuo tse pedi e Thehilweng Puong ya Letswele (MTBBE) e seng e sebediswa ke Lefapha la Thuto ya Motheo ke kgato e kgolo ho phahamisa ditokelo tsa botho tsa dipuo tsa matswallwa. Kgato ena ha e ntlafatse thuto feela, e boetse e na le seabo ho sireletsa ditokelo tsa botho tsa puo ka ho nnetefatsa hore moahi e mong le e mong o na le monyetla o lekanang wa ho ithuta ka puo eo a ikgethetseng yona. Kgato e latelang e tshwanetse hore e be ya diyunivesithi ho phethahatsa tshebetso e ntle ya Moralo wa Leano la Dipuo wa Diistitjhushene tsa Thuto e Phahameng e le ho matlafatsa tikoloho ya botemengata le ho tshehetsa kgodiso ya dipuo tsa matswallwa bakeng sa ho ruta, ho ithuta, le tekolo maemong a thuto. Ka ho etsa jwalo, diyunivesithi di tla be di etelletse pele morero wa ho fedisa bokolone moo ditsebo tse ding di tla amohelwa e le mehlodi ya mekgwa e meng ya ho nahana.
Leha kgatelopele e kgolo e se e entswe ka hara naha, e kang ho amohela Puo ya Matsoho e le puo ya semmuso Afrika Borwa, ho ntse ho na le mosebetsi o mongata o lokelang ho etswa ho nnetefatsa tshiretso ya ditokelo tsa puo tsa Moafrikaborwa e mong le e mong. Molao wa PanSALB o fa institjhushene matla a ho etsa dipatlisiso, ho kena dipakeng, le ho etsa dikgothaletso mabapi le ditaba tsohle tse amanang le puo ka hara naha. PanSALB e ka rarolla kgatikelo e ka bang teng ya ditokelo tsa botho tsa puo ka ho namola, poelano, kapa ka ho fetisetsa dikgohlang diforamong tse loketseng, ho kenyeletswa le lekgotla le dinyewe. Moralo wa molao o dumella motho ofe kapa ofe ya ikemetseng, institjhushene, sehlopha sa puo, kapa lekala la mmuso ho tletleba Botong mabapi le kgatikelo efe kapa efe kapa tshosetso ya ho tlola tokelo ya puo, leano la puo, kapa tshebediso ya puo.
Institjhushene e ikarabella ho sebetsana le kgatikelo ya ditokelo tsa botho tsa puo, mme e atlehile ho rarolla dinyewe tse mmalwa tsa kgatikelo ya ditokelo tsa botho tsa puo. E nngwe ya dikheisi tsa moraorao e kenyelletsa batho ba ileng ba qobellwa ho bua ka puo eo ba sa ikgethelang yona nakong ya diithaviyu tsa tekolo, e ileng ya rarollwa ka kgotso. Hona jwale institutjhene e ntse e batlisisa kheisi e tlisitsweng ke baithuti ba Ditholo ba neng ba rutwa ke matitjhere a sa tsebeng Puo ya Matsoho ya Afrika Borwa. Ka bomadimabe, taba ena e atile haholo dikolong tsa Ditholo, mme e na le kgahlamelo e mpe kgatelopeleng ya thuto ya bana ba Ditholo. Ka mora tshebetso e kopanetsweng le bonamodi ba PanSALB, sekolo se le seng sa Ditholo se ile sa sebetsa hantle haholo, mme diphetho tsa matriki di ile tsa ntlafala ho tloha ho 0% ka 2022 ho ya ho 66% ka 2023. Ka hona, bohlokwa ba ho sireletsa ditokelo tsa puo le ho kgothaletsa maano le tshebediso ya puo e kenyeletsang bohle bo tsamaellanang le dipehelo tsa botemengata tse Molaotheong ha bo a tshwanela ho nyenyefatswa. Ditlamorao tse kgolo tsa kgatikelo ya ditokelo tsa puo di totobatsa bohlokwa ba ho sireletsa ditokelo tsa puo tsa baahi bohle ba Afrika Borwa.
Ho tswela pele ho tshireletsa ditokelo tsa botho tsa puo, PanSALB e rerile diketsahalo tse mmalwa tse tla tshwarwa kgweding yohle ya Ditokelo tsa Botho. Diketsahalo tsena di reretswe ho lemosa batho ka bohlokwa ba dipuo tse fapaneng le tlhokeho ya ho sireletsa ditokelo tsa puo.
METJHA YA HO TLETLEBA KA DITOKELO TSA BOTHO TSA PUO (LHR)
KE MANG YA KA TLETLEBANG KA KGONAHALO YA KGATIKELO YA DITOKELO TSA BOTHO TSA PUO?
- Motho ofe kapa ofe ya nkang qeto ka boyena kapa motho e mong ya emelang e mong.
- Mekgatlo e molaong kapa institjhushene efe kapa efe e emalang ditho tsa yona.
- Ditho tsa sehlopha sa puo
- Lekala lefe kapa lefe la mmuso.
TLETLEBO E ROMELWA JWANG?
- Ka ho romela foromo e tlatsitsweng ka imeile.
- Ka ho tlatsa foromo e fumanehang websaeteng ya PanSALB.
- Ka ho ya ofsing efe kapa efe ya PanSALB ho kopa thuso ho tlatsa foromo.
NKA TLETLEBA KAE?
- Ofising efe kapa efe ya PanSALB provenseng naheng ka bophara.
- Ntlokgolo ya PanSALB Pretoria.
ITEANYE LE RONA:
ATERESE YA POSO: PRIVATE BAG X08 | ARCADIA | 0007
ATERESE YA OFISI:
523 STANZA BOPAPE STREET | 5TH FLOOR PROVISUS BUILDING ARCADIA | 0083
MOHALA: +27 12 341 9638 FEKSE: +27 12 341 5938
IMEILE: Lhr@pansalb.org WEBSAETE: www.pansalb.org