Molao wa Lekgotla la Dipuo Tsohle tsa Afrika Borwa (wa 59 wa 1995, o fetotsweng), karolong ya 8(8)(c), o dumella PanSALB ho theha Diyuniti tsa Naha tsa Leksikhografi ho ngola dikshinare e akaretsang ya puo e le nngwe ya puo ka nngwe ya semmuso. Diyuniti di phahamisa ntshetsopele ya puo ka ho rala dikshinare le disebediswa tse ding tsa dipuo tse amehang tsa semmuso tsa Afrika Borwa. Di sebetsa jwalo ka dikhamphane tse laolwang ke Molao wa Dikhamphane (wa 71 wa 2008).
Sena ke pitso ho setjhaba mmoho le mekgatlo le ditheo tsa thuto, botjhaba, setso ho thonya batho ho ba ditho tsa Diboto tsa Balaodi ba Diyuniti tse fapaneng (Sepedi/Sesotho sa Leboa, Sesotho, Setswana, Siswati, Tshivenda, Xitsonga, Afrikaans, English, isiNdebele, isiXhosa, le isiZulu). Boto ya Balaodi ya Yuniti ka nngwe e tla tataisa Yuniti ya yona e ikgethileng tlhahisong ya dikshinare e akaretsang ya puo e le nngwe le disebediswa tse ding tsa leksikhografi tse ka phahamisang ntshetsopele le tshebediso ya puo ka dibui tsa yona, thutong, le mekgweng e meng ya seprofeshenale. Hara tse ding, boikarabelo ba Diboto tsa Balaodi e tla ba ho laola ditjhelete, basebetsi, le disebediswa tse ding tseo ho tla fanwang ka tsona bakeng sa ntshetsopele ya tlotlontswe ya puo e amehang, le ho rala le ho lokisa leano le merero e tla latelwa ho fihlela maikemisetso a ho phatlalatsa, ho hatisa, le ho rekisa didikshinare le disebediswa tse ding tsa leksikhografi.
DIPEHELO/BOKGONI
Mothonngwa o tlameha ho ba le thahasello ditabeng tsa ntshetsopele ya puo. Hodima moo, o tlameha hore bonyane a be le bokgoni ba tse latelang:
1. Tsebo ditabeng tsa leksikhografi (ho rala didikshinare), e leng se kgothalletswang haholo,
2. Bokgoni ba botsamaisi le boetapele,
3. Bokgoni ba tsamaiso ya ditjhelete,
4. Tsebo ya ditaba tsa molao, kapa
5. Bokgoni ba Thekiso,
6. Tsebo ya Tshebetso ya Theknoloji ya Lesedi,
7. Theknoloji ya Dipuo
Mme puo e tshwanetse hore e be ya lapeng ya mothonngwa
Dithonyo di ngolwe fatshe mme di tlameha ho kenyelletsa dintlha tse latelang:
• Sehlooho, mabitso a felletseng, aterese (ya ntlo le ya poso), le dintlha tsa mothonngwa (imeile le dinomoro tsa mohala), le maqephe a mabedi a boitlhaloso (CV) ba mothonngwa. CV e tlameha ho kenyelletsa mabitso a felletseng a mothonngwa, nomoro ya boitsebiso, bong, dintlha tsa ho iteanya le yena (aterese ya imeile le dinomoro tsa mohala), diaterese (ya ntlo le ya poso), lebitso la provense eo a dulang ho yona, le tlhaloso e kgutshwane ya boiphihlelo ba hae, tsebo, le bokgoni ba puo kapa/le
botjhaba bo amehang.
• Dikhophi tse nnetefaditsweng tsa bukana ya boitsebiso ya mothonngwa le mangolo a thuto le a mosebetsi a mothonngwa.
• Dintlha tse ding tse ka tshehetsang, ho kenyelletsa le mabitso le dintlha tsa dipaki tse pedi (2) bonyane. E nngwe ya dipaki e tlameha ho tswa mokgatlong wa setjhaba kapa setheong sa puo, botjhaba kapa setso.
• Lengolo la kgothaletso leqepheng le le leng le saennweng ke mothonyi le hlalosang hore hobaneng mothonngwa a tshwanelwa ke ho ba le seabo tlhabollong le tshebedisong ya puo e amehang.
• Foromo ya kopo e tlatsitsweng e tlameha ho saenwa ke mothonyi, le motho e mong ya mo tlatsang, mmoho le mothonngwa
Ha ho thonyo e tla amohelwa ha feela dintlha tse boletsweng ka hodimo di sa fella:
Bakeng sa lesedi le felletseng ka tsamaiso le dipehelo, ka kopo etela websaete ya PanSALB ho www.pansalb.org kapa o ikopanye le:
Mofts. Nonkululeko Mkhize Mohala: (012) 341 9638 Imeile: nonkululeko@pansalb.org
Dithonyo di fetisetswe ho: Mohlanka ya ka Sehloohong wa Phethahatso, Ho: Karolo ya Dipuo, Lekgotla la Dipuo Tsohle tsa Afrika Borwa
Imeile: nominations-nlu@pansalb.org Ka poso: Private Bag X08, Arcadia, 0007
Ka letsoho: 5th Floor, Provisus Building, 523 Stanza Bopape Street, Arcadia, 0083
Letsatsi la ho kwala: 23 Tlhakola 2024
Ka kopo tseba hore dikopo tse feksitsweng di keke tsa amohelwa.