PHATLALATSO YA DITABA
E TLA NTSHWA HANGHANG
13 MPHALANE 2022, PRETORIA
PHATLALATSO YA LENTSWE LA AFRIKA BORWA LA SELEMO SA 2022
LOADSHEDDING KE LENTSWE LA AFRIKA BORWA LA SELEMO SA 2022
#LentsweLaAfrikaBorwaLaSelemo
#LetsatsiLaMatjhabaLaDibukantswe
Kajeno, e leng 17 Mphalane 2022, Lekgotla la Dipuo Tsohle Tsa Afrika Borwa (PanSALB), mmoho le khamphane ya diphuputso tsa media, Focal Points, di phatlalatsa lentswe/lereo Load-shedding (kgaolo ya phepelo ya motlakase) e le Lentswe la Afrika Borwa la Selemo. Lentswe la Selemo la Afrika Borwa ke lentswe, lereo kapa polelo e sebediswang boikgopotsong ba selemo se fetileng ka puo. Mareo a neng a kgethuwe ke a latelang: Inganekwane, Gaslighting, Xenophobia le Phala-phala.
Mantswe a neng a thontswe bakeng sa Lentswe la Selemo la Afrika Borwa a ile a lekolwa le ho kgethwa ke PanSALB, mme ka thuso ya khamphane ya diphuputso tsa media, Focal Points, tshebediso ya mantswe a bohlokwa e ile ya salwa morao kgweding ya Mphalane 2021 ho fihlela ka Loetse 2022. Deitha ena e ile ya sekasekwa ho fumana mantswe a hlahelletseng ka sehloohong ho tsa media le ho lekola hore a sebedisitswe hakae dikgatisong tse tshepahalang, kgasong, le media o onlaene.
“Maafrika Borwa a ka se makale hore Load-shedding ke lentswe/lereo le sebediswang haholo Afrika Borwa ka ha ho timelwa motlakase ke Eskom, e bile seo re se phelang selemong sa 2022.” ho boletse, CEO ya PanSALB, Mong Lance Schultz. “Ha re phethela, Lentswe la Selemo la Afrika Borwa le bontsha hore Maafrika Borwa a ne a tsepamisitse maikutlo hokae nakong eo, etswe selemong sena Maafrika Borwa a ile a lokela ho tobana le sekgahla sa qaka ya motlakase ka hare ho naha. Lereo ‘Load-shedding’ le eteletse pele le tswileng boemong ba bobedi e leng Phala-phala, ka dipalo le ho sebediswa makgetlo a fetang 40 000 ho mefuta e batsi ya media”, o ekeditse.
Mantswe a mang a neng a rometswe le ho lekolwa a kenyelletsa: Gender Based Violence, iSigaxa sendaba, Wishy wishy.
E phatlaladitswe lebitsong la PanSALB: Ntombentle Huluhu
Hlooho: Marketing and Communication
Selfounu: 061 581 5216